BaKolose 2:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) Le patilwe le yena kolobetsong, moo le tsositsweng le yena ka ho dumela matla a Modimo o mo tsositseng bafung. BIBELE Ka kolobetso le epetswe le yena, la ba la tsoswa le yena bafung, ka ho tshepa matla a Modimo ya mo tsositseng bafung. Baasraak Sotho NT Le patilwe le yena kolobetsong, eo le lona le tsositsweng le yena ka yona ka tumelo ya matla a Modimo o mo tsositseng bafung. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Le patilwe le yena kolobetsong, eo le lona le tsositsweng le yena ka yona ka tumelo ya matla a Modimo o mo tsositseng bafung. |
Ha ba fihla, ba phutha kereke, ba bolela tse kgolo tseo Modimo o di entseng ka bona, le kamoo o buletseng ditjhaba monyako wa tumelo kateng.
Modimo o mo tsositse, wa mo lokolla ditlamong tsa lefu, kahobane ho ne ho se kamoo a ka tiiswang kateng, ke lona ruri.
empa ke ho lekanya le rona, hore re tla ho ballwa, rona ba dumelang ho ya tsositseng Jesu, Morena wa rona, bafung;
Le lona, banabeso, le shwele ka nqa ya molao ka mmele wa Kreste, le tle le nyalwe ke e mong, e leng ya tsohileng bafung, re tle re behele Modimo ditholwana.
Hobane rona bohle re kolobeditswe Moyeng o le mong, hore re be mmele o le mong, leha e le Bajuda, leha e le Bagerike, leha e le ba ruilweng, leha e le ba sa ruwang; mme bohle re nositswe Moyeng o le mong.
eo ke entsweng mohlanka wa yona, ka neo ya mohau wa Modimo, oo ke o neilweng ka tshebetso ya matla a wona.
Ke ka baka leo ho itsweng: Tsoha, wena morobadi, tloha hara bafu, mme Kreste o tla o bonesetsa.
Hobane ka baka la Kreste le neilwe lehlohonolo, e seng feela la ho dumela ho yena, e leng le la ho utlwiswa bohloko ka baka la hae.
Ke seo ke se sebetsang, ke ntse ke lwana ka tshebetso ya hae e sebetsang ka ho nna ka matla.
Eitse ha le ne le sa ntse le itjhweletse dibeng tsa lona le ho se bolleng ha nama ya lona, o le phedisitse hammoho le yena, ka ho le tshwarela ditlolo tsohle;
re ntse re tadimile Jesu, moqadi le mophethi wa tumelo, ya mameletseng sefapano ka baka la thabo eo a e beetsweng, a sa kang a re letho ka dihlong, a ba a ya dula letsohong le letona la terone ya Modimo.
le wa thuto ya dikolobetso, le wa peo ya matsoho, le wa tsoho ya bafu, le wa kahlolo ya ho sa feleng.
Se tshwantswang ke hoo ke kolobetso e re pholosang jwale — e seng e hlatswang ditshila tsa mmele, empa eo e leng ho itlama ha letswalo le letle pela Modimo — ka tsoho ya Jesu Kreste,