Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Baroma 7:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Le lona, banabeso, le shwele ka nqa ya molao ka mmele wa Kreste, le tle le nyalwe ke e mong, e leng ya tsohileng bafung, re tle re behele Modimo ditholwana.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Ka mokgwa o jwalo, bana beso, le lona le shwele ka nqeng ya Molao wa Moshe, ka baka la ho ba mmele wa Kreste, hore le be ba e mong: Ke ho re le be ba ya tsohileng bafung, e le hore re tle re etse mosebetsi wa Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

4 Ka baka leo, banabeso, le lona le shwele ka nqeng ya molao ka mmele wa Kreste; hore le be ba e mong, e leng ya tsohileng bafung, hore re tle re behele Modimo ditholwana.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Ka baka leo, banabeso, le lona le shwele ka nqeng ya molao ka mmele wa Kreste; hore le be ba e mong, e leng ya tsohileng bafung, hore re tle re behele Modimo ditholwana.

Ver Capítulo Copiar




Baroma 7:4
35 Referencias Cruzadas  

Hobane Mmopi wa hao ke monna wa hao, Jehova wa makgotla ke lebitso la hae; mme Molopolli wa hao ke Mohalaledi wa Iseraele; o bitswa Modimo wa lefatshe lohle.


Hobane jwalokaha mohlankana a nyala morwetsana, bara ba hao ba tla o nyala; mme jwaloka ha monyadi a thabela monyaduwa, Modimo wa hao o tla o thabela.


Ba re ba sa ja, Jesu a nka bohobe, mme eitse hobane a boke, a bo ngwatha, a bo nea barutuwa ba hae, a re ho bona; Nkang, le je; hona ke mmele wa ka.


Ba amohetseng peo mobung o motle, ke ba utlwang lentswe, ba le amohela, mme ba beha; hlaku e nngwe e behe tse mashome a mararo, e nngwe e behe tse mashome a tsheletseng, e nngwe e behe tse lekgolo.


Moo Ntate a tlotliswang teng, ke ha le beha haholo: le hona ke moo le tla ba barutuwa ba ka.


Ya nang le monyaduwa ke monyadi; empa motswalle wa monyadi ya emeng teng le ho mo utlwa, o ye a thabe ka thabo e kgolo, ha a utlwa lentswe la monyadi. Thabo ya ka, e leng e jwalo, e phethehile.


Ke nna bohobe bo phelang, bo theohileng lehodimong; ekare ha motho a eja bohobe bona, o tla phela kamehla; mme bohobe boo ke tla mo nea bona, ke nama ya ka, eo ke tla e nea lefatshe, le tle le phele.


Ka mokgwa o jwalo, le lona, le ke le bale hore le shwele ka nqeng ya sebe, le hore le phelela Modimo ka Jesu Kreste.


Hobane sebe se ke ke sa le busa, kahobane ha le pusong ya molao, empa le le pusong ya mohau.


Ho se ke ha eba jwalo. Ana rona re shweleng ka nqa ya sebe, re ka nna ra phelela jwang ho sona?


Empa jwale, ha le holotswe sebeng, mme le fetohile bahlanka ba Modimo, le ikotulela kgalalelo, mme bofello ke bophelo bo sa feleng.


Ha ho le jwalo, ha a ka nyalana le monna e mong, monna wa hae ha a sa phela, o tla bitswa mofebi; empa ha monna wa hae a shwele, o holotswe molaong, mme jwale, ha a ka nyalana le monna e mong, a ke ke a bitswa mofebi.


Empa jwale, re holotswe molaong, ha re shwele ka nqeng ya molao oo re neng re bofilwe ke wona, re tle re sebeletse Modimo botjheng ba moya, e seng ka letere e tsofetseng.


Hobane molao wa Moya wa bophelo, o leng ho Jesu Kreste, o nkgolotse molaong wa sebe le wa lefu.


Senwelo sa hlohonolofatso seo re se lebohang, na hase kopano le madi a Kreste na? Le bohobe boo re bo ngwathang, na hase kopano le mmele wa Kreste na?


Hobane ke le boulela ka poulelo ya Modimo, ke tswe ke le lebelleditse monna a le mong, ke tle ke le hlahise pela Kreste le le jwaloka morwetsana ya se nang sekodi.


Kreste o re lopolotse thohakong ya molao, ka ho etswa thohako bakeng sa rona; — hobane ho ngodilwe, ho thwe: Ho rohakwe mang le mang ya fehilweng sefateng;


Ekare ha le tsamaiswa ke Moya, ha le pusong ya molao.


O fedisitse ka nameng ya hae sebaka sa hloyano, e leng molao wa ditaelo tse laelwang; hore ba babedi a ba fetole ka ho yena motho a le mong, e motjha, ka ho etsa kgotso;


le ntse le tletse ditholwana tsa ho loka, tse behwang ka Jesu Kreste, hore e be kganya le poko ho Modimo.


Hase hoba ke batla dimpho, empa ke batla ditholwana tse ka le atelang ho le ruisa.


le tle le tsamaye ka mokgwa o tshwanelang Morena, le mo kgahlise kahohle, le behe ditholwana mesebetsing e metle yohle, le ntse le hola tsebong ya Modimo;


jwale o le buseditse kgotsong ka mmele wa nama ya hae, ka lefu la hae, a tle a le hlahise pela wona le halalela, le se na letheba le molato;


e fihlileng ha heno, jwalokaha e fihlile lefatsheng lohle, moo e ntseng e beha ditholwana, jwalokaha e etsa hara lona haesale mohla le e utlwileng, le tsebileng mohau wa Modimo kannete;


o hlakotse lengolo la molato la melao e neng e re qosa, mme o le fedisitse ka ho le kgokgothella sefapanong.


Ha le fela le shwele le Kreste ka nqa ya ditaba tsa qalo tsa lefatshe, ana le sa bofellwang ka mekgwa, jwaloka hola le sa phela lefatsheng,


Ke ka yona thato eo re halaleditsweng ka sehlabelo sa mmele wa Jesu Kreste se entsweng hang.


yena ya jereng dibe tsa rona mmeleng wa hae sefapanong, hore re shwe ka nqa ya dibe, re tle re phelele ho loka; eo le fodisitsweng ka matetetso a hae.


A re thabeng, re nyakalle, mme re ise kganya ho wona; hobane lenyalo la Konyana le hlahile, mme mosadi wa yona o itokisitse;


Jwale lengeloi le leng la a supileng a neng a tshwere dinkgo tse supileng tse tletseng dikotsi tsa qetello tse supileng, la tla, la re ho nna: Tloo, ke o bontshe monyaduwa, eo e leng mosadi wa Konyana.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos