Mmae a re ho Elia: Taba ya ka ke efe le wena, monna wa Modimo? Hleka o tlile ho nna ho nkgopotsa sebe sa ka le ho bolaya mora wa ka na?
BaHebheru 10:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa mahlabelong ao ho boetse ha hopolwa dibe ka selemo se seng le se seng. BIBELE Empa mahlabelo ao a hopotsa batho dibe tsa bona ka selemo le selemo; Baasraak Sotho NT Empa mahlabelo ao ho na le kgopotso ya dibe ka selemo se seng le se seng. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa mahlabelo ao ho na le kgopotso ya dibe ka selemo se seng le se seng. |
Mmae a re ho Elia: Taba ya ka ke efe le wena, monna wa Modimo? Hleka o tlile ho nna ho nkgopotsa sebe sa ka le ho bolaya mora wa ka na?
Aarone a tle a etse pheko manakeng a aletare hang ka selemo se seng le se seng; a etse pheko teng hang ka selemo, melokong ya lona, ka madi a sehlabelo sa sebe. E tla ba ntho e kgethehileng haholo ho Jehova.
Molao oo e tla ba o sa feleng ho lona, hore pheko e etsetswe bana ba Iseraele, hang ka ngwaha, ka baka la dibe tsa bona. Ha etswa seo Moshe a se laetsweng ke Jehova.
hobane hona ke madi a ka a selekane se setjha, a tshollelwang ba bangata tshwarelong ya dibe.
Jwale barutuwa ba hae ba elellwa hobane ho ngodilwe, ho thwe: Tjheseho ya ntlo ya hao e ntjele.
empa ke moprista e moholo a nnotshi ya neng a kena sebakeng sa bobedi, hang feela ka lemo se seng le se seng; mme o ne a sa kene haese ka madi ao a a hlahisang ka baka la dibe tsa hae le tsa setjhaba.