Ke tla rorisa Jehova, ha ke sa ntse ke phela; ke tla binela Modimo wa ka, ha ke sa ntse ke le teng!
BaFilipi 4:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ithabeleng Moreneng kamehla; ke boela ke rialo, ke re: Ithabeleng. BIBELE Kamehla thabang ka ho ba ho Morena; ke boela ke re: Thabang! Baasraak Sotho NT Ithabeleng ho Morena kamehla, mme ke boetse ke re: Thabang! Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ithabeleng ho Morena kamehla, mme ke boetse ke re: Thabang! |
Ke tla rorisa Jehova, ha ke sa ntse ke phela; ke tla binela Modimo wa ka, ha ke sa ntse ke le teng!
Thabang, le hlasimolohe ka ho nyakalla; hobane moputso wa lona o tla ba moholo lehodimong; hobane ba hlorisitse jwalo baporofeta ba bileng teng pele ho lona.
Empa bosiu bo boholo, Pauluse le Silase ba ne ba rapela, ba binela Modimo difela; mme ba kwaletsweng le bona ba ne ba ba mamela.
Baapostola ba tloha kgotla, ba thabile kahobane ba entswe ba tshwanelwang ke ho hlabiswa dihlong ka baka la lebitso la Jesu.
jwaloka hoja re hlomohile, athe re thabile kamehla; jwaloka hoja re a fumaneha, athe re ruisa ba bangata; jwaloka hoja ha re na letho, athe re ruile ntho tsohle.
Athe motho, leha e ka ba rona, kapa lengeloi le tswang lehodimong, ha a ka le bolella Evangeli esele ho eo re seng re le boleletse yona, a neelwe anathema.
Haele ka ho hong, banabeso, le ithabele Moreneng. Ha ke kgathale ke ho le ngolla ditaba di le ding, mme ke ntho e le tiisang.
empa erekaha le nkile kabelo mahlomoleng a Kreste, thabang hore, mohla kganya ya hae e bonahalang, le tle le thabe ka nyakallo e fetisisang.