A ntoo kgutlisa banababo hore ba tsamaye, mme a re ho bona: Le se ke la qabana tseleng.
BaFilipi 4:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ke kgothatsa Efodia, ke kgothatsa Sintike, hore ba be le pelo e le nngwe Moreneng. BIBELE Ke rapela Efodia le Sintike hore ba be pelonngwe Moreneng. Baasraak Sotho NT Ke rapela Evodia le Sintike hore ba be le moya o le mong Moreneng. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ke rapela Evodia le Sintike hore ba be le moya o le mong Moreneng. |
A ntoo kgutlisa banababo hore ba tsamaye, mme a re ho bona: Le se ke la qabana tseleng.
Letswai le molemo; empa letswai ha le tapa, le ka le noka kang? Le be le letswai ka ho lona, mme le ahisane ka kgotso.
Ke a le rapela, banabeso, ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste, ke re: Le ke le bolele bohle taba e le nngwe; dikgaohano di se ke tsa eba teng hara lona, le mpe le phethehe boikutlong bo le bong le kgopolong e le nngwe.
Le ba hlomphe haholoholo ka lerato, ka baka la tshebetso ya bona. Dudisanang hammoho ka kgotso.
Phehellang, ho ba le kgotso le batho bohle, le kgalalelo eo ho seng motho a tlang ho bona Modimo, ha a se na yona.