BaFilipi 3:21 - Sesotho 1909/1961 (SO) ya tlang ho fetola mmele ya rona e nyatsehang, ho e etsa sebopeho se le seng le mmele wa hae o kganyang, ka tshebetso eo a ka tsebang ka yona le ho ipeela dintho tsohle katlasa hae. BIBELE O tla fetola mmele ya rona e nyedisehang, hore e tshwane le mmele wa hae o tlotlehang, ka matla ao a nang le wona a ho bea tsohle tlasa hae. Baasraak Sotho NT Ke yena ya tla fetola mmele ya rona e nyatsehang, e tle e tshwane le mmele wa hae o tlotlehang, ka matla ao ka wona a nang le matla a ho bea dintho tsohle katlasa hae. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ke yena ya tla fetola mmele ya rona e nyatsehang, e tle e tshwane le mmele wa hae o tlotlehang, ka matla ao ka wona a nang le matla a ho bea dintho tsohle katlasa hae. |
O tla fedisa lefu ka ho sa yeng kae; Morena Jehova o tla fedisa meokgo difahlehong tsohle, a fedise sekgobo sa setjhaba sa hae lefatsheng lohle, hobane Jehova o boletse.
Bafu ba hao a ba ke ba boele ba utlwe; ditopo tsa ka a di ke di tsoswe! Tsohang, lona ba robetseng leroleng, le thabe, hobane phoka ya hao ke phoka e medisang, mme lefatshe le tla ntsha bafu ba ho lona.
Na ke tla ba lopolla matleng a nqalo ya bafu, ke ba namolele lefung? Wena lefu, mahloko a hao a kae? Wena nqalo ya bafu, tshenyeho ya hao e kae? Ha ke bone kamoo nka fetohang tabeng eo kateng.
A fetoha pontsheng ho bona; sefahleho sa hae sa kganya jwaloka letsatsi, mme diaparo tsa hae tsa eba tshweu jwaloka lesedi,
Empa Jesu a araba, a re ho bona: Le lahlehile ke hobane ha le tsebe Mangolo le matla a Modimo;
Yaba Jesu o atamela, a bua le bona, a re: Ke neilwe borena bohle lehodimong le lefatsheng.
Hobane bao o itsebetseng bona pele, o bile o ba reretse pele, hore ba tla bapa le setshwantsho sa Mora wona, hore yena e tle e be wa letsibolo hara baena ba bangata.
Mme Kreste, e leng bophelo ba lona, mohla a hlahang, le lona le tla hlaha le yena kganyeng.
Baratuwa, jwale re bana ba Modimo, mme seo re tla ba sona ha se eso ho bonahatswe; empa re a tseba hobane, mohla se bonahatswang, re tla tshwana le wona; hobane re tla o bona kamoo o leng kateng.
Ke nna alfa le omega, qalo le qetello, ho bolela Morena Modimo, ya leng teng, ya neng a le teng, ya tla nne a be teng, ya matla wohle.