Pauluse a re: Hoja Modimo o ka etsa, kapa haufi, kapa kgale, hore, e seng wena feela, empa le bohle ba mmamelang kajeno, le be jwaloka nna, feela e seng ka ditlamo tsena.
BaFilipi 1:13 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ho tlangwa ha ka ka baka la Kreste ho bile ha tuma hohle tlung ya borena, le ka nqa tsohle tse ding. BIBELE Ba ntlo ya bobusisi kaofela, le ba bang bohle, ba tseba hantle hore ke ditlamong ka baka la Kreste, Baasraak Sotho NT hoo ditlamo tsa ka ho Kreste di tle di bonahale tlung yohle ya borena le nqalong tse ding tsohle; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 hoo ditlamo tsa ka ho Kreste di tle di bonahale tlung yohle ya borena le nqalong tse ding tsohle; |
Pauluse a re: Hoja Modimo o ka etsa, kapa haufi, kapa kgale, hore, e seng wena feela, empa le bohle ba mmamelang kajeno, le be jwaloka nna, feela e seng ka ditlamo tsena.
Yare ha ba le kathoko, ba bolellana, ba re: Motho eo ha a ka a etsa letho le tshwanelang lefu, leha e le teronko.
Kamora matsatsi a mararo, Pauluse a mema bao e leng ba baholo hara Bajuda ba teng. Eitse ha ba phuthehile, a re ho bona: Banna ba heso, leha ke sa ka ka etsa letho ho sitelwa setjhaba leha e le mekgwa ya bontata rona ka lona, ke ile ka tlangwa Jerusalema, ka ba ka neelwa matsohong a Baroma.
Ke ka baka leo ke le bitsitseng ho le bona le ho bua le lona; hobane ke tlamilwe ka lehlaahlela lena ka baka la tshepo ya Iseraele.
Pauluse a hlola dilemo tse pedi ka tlung eo a e adimileng, a ntse a amohela bohle ba tlang ho yena.
Ke ka baka leo ke le ngollang, nna, Pauluse, ke leng moholehuwa wa Jesu Kreste ka baka la lona baditjhaba,
Ke le kgothatsa ke hona, nna ke leng moholehuwa ka baka la Morena, ke re: Tsamayang ka mokgwa o tshwanelang pitso eo le bitsitsweng ka yona,
eo ke leng lenqosa la yona, leha ke tlamilwe ka mahlaahlela, hore ke bolele ditaba tsa yona ka matla, jwalokaha ke tshwanetse ho di bolela.
Hobane le dutse ntweng eo le boneng e le ho nna, eo le jwale le sa utlwang hobane e ho nna.
Ho lokile, ha ke ikutlwa jwalo bakeng sa lona bohle, kahobane, ditlamong tsa ka, le boikarabelong ba ka, le tiisong ya Evangeli, ke na le lona ka pelong ya ka; hobane bohle le nkile kabelo mohaung hammoho le nna.
e leng Evangeli eo ke mamellang bothata bo boholo, mme ke bile ke tlangwa ka baka la yona, jwaloka hola ke le sehlola; empa lentswe la Modimo lona ha le a tlangwa.