Wena, o entse ka sephiring, nna ke tla etsa taba eo pontsheng ho Baiseraele bohle, le pontsheng ya letsatsi.
Baefese 5:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) hobane le ho bolelwa tseo ba di etsang sephiring ke taba e hlabisang dihlong. BIBELE Tseo ba di etsang sephiring, le ho di bolela ho dihlong, Baasraak Sotho NT Gobane tše di dirwago ke bona sephiring ke dihlong. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Gobane tše di dirwago ke bona sephiring ke dihlong. |
Wena, o entse ka sephiring, nna ke tla etsa taba eo pontsheng ho Baiseraele bohle, le pontsheng ya letsatsi.
hobane Modimo o sa tla isa mesebetsi yohle kahlolong, le tse patilweng kaofela, leha e le tse ntle, leha e le tse mpe.
Na motho a ka ya a pateha sephiring, hore ke se ke ka mmona, ho bolela Jehova? Ha ke re, mahodimo le lefatshe a tletse nna, ho bolela Jehova?
tsatsing leo Modimo o tla ahlola disatsejweng tsa batho ka Jesu Kreste, jwalokaha Evangeli yaka e ruta.
Empa ntho tseo tsohle ha di kgalemelwa, di bonahatswa ke lesedi; hobane hohle ho bonahatswang, ho lesedi.
Empa haele bofebe, le ditshila tsohle, le takatso ya moruo, ho se ke ha bolelwa le mabitso a tsona hara lona, kamoo ho tshwanelang bahalaledi kateng;
Hobane di lekane dinako tse fetileng tseo re di phetseng re ntse re etsa ho ratwang ke bahetene, ha re ne re itsamaela ka bootswa, le ka ditakatso, le ka botahwa, le ka meharo ya dijo le ya dino, le ka tshebeletso e manyala ya medimo ya bohata.
Ka ntoo bona bafu ba banyenyane le ba baholo ba eme pela terone; ha phetlwa dibuka; ha phetlwa le buka e nngwe, e leng buka ya bophelo; mme bafu ba ahlolwa ka tse ngodilweng dibukeng tseo, e leng ka mesebetsi ya bona.