Kganyeng ya hao o hlwelle koloing ya hao ya hlolo, o lwanele nnete le molemo le ho loka; letsoho le letona la hao le ke le o rute diketso tse makatsang!
Baefese 4:21 - Sesotho 1909/1961 (SO) ha le fela le mo mametse, mme le rutilwe ho yena kamoo nnete e leng ho Jesu kateng, BIBELE haeba ruri le utlwile tsa hae, mme le rutilwe nnete kamoo e leng kateng ho Jesu. Baasraak Sotho NT Ekare ha le mo utlwile, mme le rutilwe ke yena, jwalokaha nnete e le ho Jesu; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ekare ha le mo utlwile, mme le rutilwe ke yena, jwalokaha nnete e le ho Jesu; |
Kganyeng ya hao o hlwelle koloing ya hao ya hlolo, o lwanele nnete le molemo le ho loka; letsoho le letona la hao le ke le o rute diketso tse makatsang!
A re a sa bua, leru le kganyang la hlaha, la ba kgurumetsa, mme ha utlwahala lentswe le tswang lerung, le re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena; mo utlweng!
Ya le utlwang, o a nkutlwa; mme ya le lahlang, o a ntahla; mme ya ntahlang, o lahla ya nthomileng.
ke ho re, Moya wa nnete, oo lefatshe le sa tlo ka le o amohela, kahobane ha le o bone, mme ha le o tsebe; empa lona le a o tseba, hobane o dula le lona, mme o tla ba ka ho lona.
Jesu a re ho yena: Ke nna tsela, le nnete, le bophelo; ha ho motho ya ka tlang ho Ntate, haese ka nna.
Empa ba tla rapela jwang eo ba sa kang ba dumela ho yena? Mme ba tla dumela jwang ho eo ba sa kang ba utlwa ditaba tsa hae? Mme ba tla utlwa jwang, ha mmoledi a le siyo?
Hobane dipallo tsa Modimo kaofela ha tsona ke e ho yena; ka baka leo, amen le yona e teng ka yena, Modimo o tle o tlotliswe ka rona.
Ke ometse ka nnete ya Kreste, e leng ho nna, hoba nke ke ka amohuwa sebaka seo sa ho ithorisa seo ke nang le sona mafatsheng a Akaea.
Ke yena eo le lona le leng ho yena, lona ba utlwileng lentswe la nnete e leng Evangeli ya pholoho ya lona; eo hape, ha le se le dumetse ho yena, le tshwailweng ke Moya o Halalelang, o baletsweng batho;
Mme ha a tlile, o boletse kgotso ho lona le neng le le hole, le ho ba neng ba le haufi;
ka baka la tshepo eo le e beetsweng mahodimong, eo le e utlwileng pele ka lentswe la nnete la Evangeli
e fihlileng ha heno, jwalokaha e fihlile lefatsheng lohle, moo e ntseng e beha ditholwana, jwalokaha e etsa hara lona haesale mohla le e utlwileng, le tsebileng mohau wa Modimo kannete;
le ntse le tebisa metso ho yena, le thewa ka ho yena, le tiya tumelong, jwalokaha le rutilwe, le ntse le tletse teboho.
Re a tseba hape hoba Mora Modimo o tlile, mme o re neile kutlwisiso, hore re tsebe Wa nnete; mme re ho Wa nnete, ho Mora wa wona Jesu Kreste; ke yena e leng Modimo wa nnete le bophelo bo sa feleng.