Tsatsing leo, ho tla thwe ho Jerusalema: Sione, o se ke wa tshaba! Matsoho a hao a se ke a tepella!
Baefese 3:13 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ke moo ke le rapelang hore le se ke la fediswa pelo ke dihloriso tse ntlhahelang ka baka la lona; tsona ke thoriso ya lona. BIBELE Ka hona ke le kopa hore le se ke la tepella, hobane ke matshwenyehong ka baka la lona, mme le ka ithorisa ka wona. Baasraak Sotho NT Ka baka leo, ke rata hore le se ke la tepella ka baka la ditsietsi tsa ka ka baka la lona, tseo e leng tlotla ya lona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ka baka leo, ke rata hore le se ke la tepella ka baka la ditsietsi tsa ka ka baka la lona, tseo e leng tlotla ya lona. |
Tsatsing leo, ho tla thwe ho Jerusalema: Sione, o se ke wa tshaba! Matsoho a hao a se ke a tepella!
ba ntse ba tiisa dipelo tsa barutuwa, ba ba kgothatsa ho tiya tumelong, mme ba ba lekanyetsa hore e ka kgona re kene mmusong wa Modimo ka matshwenyeho a mangata.
Mme leha re le mahlomoleng, ke hore e be tshediso ya lona le poloko ya lona, e ntseng e etsahala ha le mamella bohloko boo re bo utlwiswang le rona; mme hape, ha re tshediswa, ke hore e be tshediso ya lona le poloko ya lona. Mme tshepo ya rona hodima lona e tiile,
Ka baka leo, ha re ntse re ena le tshebeletso eo ka mohau o re hlahetseng, ha re tepelle.
Re se ke ra kgathala ke ho etsa hantle, hobane re tla kotula nakong ya teng, ha re sa tepelle.
Ke ka baka leo ke le ngollang, nna, Pauluse, ke leng moholehuwa wa Jesu Kreste ka baka la lona baditjhaba,
a re ho bona: Baiseraele, mamelang! Kajeno, le ya atamela dira tsa lona ho di lwantsha. Pelo tsa lona di se ke tsa fokola, mme le se tshabe, le se makale, mme le se tshohe ka baka la tsona;
Jwale, ke thabela mahloko a ntlhahelang ka baka la lona, mme ke phethisisa nameng ya ka ho setseng ha mahlomola a Kreste, ka baka la mmele wa hae, e leng kereke.