Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Baefese 3:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ke ka baka leo ke kgumamang pela Ntata Morena wa rona Jesu Kreste,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Ka baka leo, ke kgumamela Ntate,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

14 Ka baka leo, ke kgumama pela Ntata Morena wa rona Jesu Kreste,

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Ka baka leo, ke kgumama pela Ntata Morena wa rona Jesu Kreste,

Ver Capítulo Copiar




Baefese 3:14
16 Referencias Cruzadas  

Empa ke tla siya Baiseraele ba kete tse supileng, bohle bao mangole a bona a sa kang a kgumamela Baale, le melomo yohle ya bona e sa kang ya mo aka.


Salomone eitse ha a qeta ho beela Jehova thapelo eo le kopo eo yohle, a tsoha pela aletare ya Jehova, moo a neng a kgumamile ka mangole, a emiseditse matsoho a hae mahodimong.


Hobane Salomone o ne a entse setulo sa koporo, se bolelele ba ditswe tse hlano, le bophara ba ditswe tse hlano, le bophahamo ba ditswe tse tharo, a se beile hara lebala; a ema teng, a ntoo kgumama pontsheng ya phutheho yohle ya Iseraele, a emisetsa matsoho a hae nqa mahodimong,


Ka nako ya sehlabelo sa mantsiboya, ka ema hona boikokobetsong ba ka, kobo ya ka le kojwana ya ka di hahotswe; ka kgumama ka mangole, ka otlollela matsoho a ka ho Jehova, Modimo wa ka,


Tloong, re kgumameng, re inameng, re we ka mangole pela Jehova, Mmopi wa rona!


Ke anne ka nna, taba e lokileng e tswile molomong wa ka, e ke ke ya kgutla, e re: Mangole wohle a tla nkgumamela, maleme wohle a ane ke nna.


Daniele, ha a utlwa hoba molao oo o ngodilwe, a ikela tlung ya hae, mme difensetere tsa ntlo e kahodimo ya hae ha di bulehetse nqa Jerusalema, a kgumama ka mangwele hararo ka letsatsi, a rapela, a boka Modimo wa hae, jwalokaha a ne a etsa pele.


A ntoo ya hojana le bona, sebaka se ka fihlewang ke lejwe ha le betswa; a kgumama ka mangwele a rapela,


Eitse hobane a bolele taba tseo, a kgumama ka mangwele, a rapela le bona bohle.


Ha re se re qetile matsatsi ao, ra tloha, ra tsamaya; ha e le bona ba re felehetsa bohle ho fihlela kantle ho motse, ba ena le basadi ba bona le bana; ra kgumama ka mangwele lebopong, ra rapela,


A ntoo kgumama, a howa ka lentswe le leholo, a re: Morena, o se ke wa ba balla sebe sena! Yare ha a buile jwalo, a ithoballa.


Petrose a re, ba ke ba tswele ntle kaofela; yaba o kgumama ka mangwele, a rapela, a ntoo retelehela ho setopo, a re: Tabitha, tsoha! Yaba eo o tutubolla mahlo, mme ha a bona Petrose, a dula.


Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, o re hlohonolofaditseng ka mahlohonolo wohle a Moya, mahodimong, ho Kreste;


eo leloko le leng le le leng le mahodimong le lefatsheng le bitswang ka yena.


hore lebitsong la Jesu, mangwele wohle a ba mahodimong, le lefatsheng, le katlase ho lefatshe, a kgumame;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos