Mme haele ka mohau, ha e sa le ka mesebetsi; hobane hola ke ka mesebetsi, mohau e ka be e se mohau; mme hola ke ka mesebetsi, e ka be e sa hlole e le ka mohau, hobane hoja ha ho jwalo, mosebetsi e ka be e sa hlole e eba mosebetsi.
Baefese 2:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) hase ka mesebetsi, ho tle ho se ka ha eba motho ya ithorisang. BIBELE hase ho tswang mesebetsing ya lona, esere e mong wa lona a ithorisa. Baasraak Sotho NT E seng ka mesebetsi, hore ho se be motho ya ithorisang. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 E seng ka mesebetsi, hore ho se be motho ya ithorisang. |
Mme haele ka mohau, ha e sa le ka mesebetsi; hobane hola ke ka mesebetsi, mohau e ka be e se mohau; mme hola ke ka mesebetsi, e ka be e sa hlole e le ka mohau, hobane hoja ha ho jwalo, mosebetsi e ka be e sa hlole e eba mosebetsi.
Ka baka leo, ha ho nama, leha e le nngwe, e tlang ho bewa e lokileng pela wona ke mesebetsi ya molao; hobane ke ka molao re nang le tsebo ya sebe.
Hobane ha re ka re, Abrahama o beilwe ya lokileng ka mesebetsi, o na le sebaka sa ho ithorisa; empa ha a na sona pela Modimo.
Hobane enere ha mafahla a eso ho tswalwe, a eso ho etse botle, leha e le bobe, — hore ho tle ho bonahale hoba morero wa Modimo, ha o kgethile motho, o tiile, e seng ka mesebetsi, empa e le ka thato ya ya bitsang, —
Ka baka leo, hase taba ya ya ratang, leha e le ya ya mathang, empa e le ya Modimo o hauhelang.
o re bolokileng, o re bitsitseng ka pitso e halalelang, e seng ka baka la mesebetsi ya rona, empa e le ka morero wa wona o tiileng le ka mohau oo re sitsitsweng ka wona ho Jesu Kreste, mehla ya bohloleho e eso ho qale;