Adama a phela dilemo tse lekgolo le mashome a mararo, a tswala mora ka setshwantsho sa hae le ka sebopeho sa hae, a mo rea lebitso la Setha.
Baefese 2:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Le rona bohle, pele, re ne re tsamaya le bona ditakatsong tsa nama ya rona, re ntse re etsa ho ratwang ke nama le ke mehopolo ya rona; mme ka ho hlaha ha rona re ne re le bana ba bohale, jwaloka ba bang. BIBELE Pele, le rona bohle, re ne re balellwa hara bona, re latela ditakatso tsa rona tsa botho, re phetha thato ya tsona le ya maikutlo a rona. Ho ya ka tlhaho, re ne re le batho ba lokelwang ke kgalefo ya Modimo, jwaloka ba bang bohle. Baasraak Sotho NT bao mehleng e fetileng re kileng ra tsamaya hara bona, re tsamaiswa ditakatsong tsa nama ya rona, re ntse re phethahatsa ditakatso tsa nama le tsa kelello. ’me ka hlaho re ne re le bana ba khalefo, joalo ka ba bang. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Bao mehleng e fetileng re kileng ra tsamaya hara bona, re tsamaiswa ditakatsong tsa nama ya rona, re ntse re phethahatsa ditakatso tsa nama le tsa kelello ’me ka hlaho re ne re le bana ba khalefo, joalo ka ba bang. |
Adama a phela dilemo tse lekgolo le mashome a mararo, a tswala mora ka setshwantsho sa hae le ka sebopeho sa hae, a mo rea lebitso la Setha.
Jehova a bona bolotsana ba batho hoba bo boholo lefatsheng, le hoba mmopo wa mehopolo yohle ya dipelo tsa bona o mobe feela ka matsatsi wohle.
Jehova a fofonela monko o monate, mme Jehova a re ka pelong ya hae: Nke ke ka boela ka rohaka lefatshe ka baka la batho, etswe mehopolo ya motho e le mebe le botjheng ba hae, mme nke ke ka boela ka otla dintho tsohle tse utlwang, jwalokaha ke tswa etsa.
Bohle re ne re lahlehile jwaloka dinku, re ne re ya e mong le e mong ka tsela ya hae; empa Jehova o mo jarisitse makgopo wohle a rona.
empa ho belaella tsa lefatshe, le thetso ya lefumo, le ditakatso tsa dintho tse ding, di kene, di pupetse lentswe, mme le nyope.
ba sa kang ba tswalwa ke madi, leha e le ka ho rata ha nama, leha e le ka ho rata ha monna, ba mpa ba tswetswe ke Modimo.
Lona, le tswa ho ntata lona, e leng Diabolose, mme le rata ho phetha ditakatso tsa ntata lona. Yena ke mmolai haesale ho qaleng; ha a dule nneteng hobane ha ho nnete ho yena. Ha a bolela leshano, o ipuella tsa hae; hobane ke yena ya leshano, le ntate wa ya leshano.
Mehleng e fetileng, o nnile wa lesa ditjhaba kaofela hore di tsamaye mekgweng ya tsona.
Ka baka leo, Modimo o ba lesitse ho sebetsa ditshila, ditakatsong tsa dipelo tsa bona, ba tle ba tlotlollane mmele ya bona;
Hobane jwalokaha le lona pele le ne le sa dumele Modimo, athe jwale le hauhetswe ka baka la ho se dumele ha bona,
Le mpe le ikapese ka Morena Jesu Kreste, mme le se ke la baballa nama ho e kgorisa ditakatsong tsa yona.
hobane baditjhaba ba se nang molao, ha ba etsa, ka ho itsebela ha bona, taba tseo e leng tsa molao, bona ba se nang molao ba na le molao ka ho bona.
Hobane esitile re sa ntse re le dira, re bile ra boelanngwa le Modimo ka ho shwa ha Mora wa wona, haholo jwale, ha re se re boelantswe, re tla bolokeha hakakang ka ho phela ha hae!
Mme jwale, ha re se re beilwe ba lokileng ka madi a hae, re tla lwelwa bohaleng ho fetisa hakakang ka baka la hae.
Mme jwale, sebe se se ke sa busa mmeleng ya lona e shwang, hore le se utlwe ditakatsong tsa sona.
Hobane ke tseba hore ha ho molemo o ahileng ka ho nna, ke ho re, nameng ya ka; hobane haele ho rata, hona ho teng ho nna, empa haele ho etsa se molemo, ha ke ho fihlele.
Mme ho ka thweng, ha Modimo, o ratileng ho bonahatsa bohale ba wona, le ho tumisa matla a wona, o iphapantse ka pelo e telele haholo le dipitsa tsa bohale, tse bopetsweng tahleho,
Hobane ke mang ya o kgethang ho e mong? Mme o na le eng eo o sa kang wa e fuwa? Mme ekare ha o e filwe, o ka ithorisa jwang, jwaloka hoja o sa ka wa e fuwa?
Jwale, baratuwa, ha re ena le dipallo tseo, a re ke re itlhatsweng ditshila tsohle tsa nama le tsa moya, re ntse re phetha kgalalelo ya rona ka ho tshaba Modimo.
Empa Lengolo le hlahletse batho bohle sebeng, hore pallo e tle e newe badumedi ka ho dumela ho Jesu Kreste.
tseo kgale le neng le itsamaela ho tsona ka mokgwa wa lefatshe lena, ha le ne le sa buswa ke morena ya busang matla a sebaka, e leng moya o sebetsang jwale baneng ba ho se dumele.
e leng hore le hlobole, kamoo metsamao ya lona ya pele e neng e le kateng, motho wa kgale, ya bodiswang ke ditakatso tse thetsang;
Le lona, le neng le le hole pele, le neng le sa le dira ka mehopolo le ka mesebetsi e mebe,
Banabeso, ha ke rate hore le ka hloka tsebo tabeng ya ba ithobaletseng, le tle le se ke la hlomoha jwaloka ba bang ba se nang tshepo.
Ka baka leo, a re se keng ra robala jwaloka ba bang, re mpe re fadimehe, mme re tshabe botahwa.
Empa ba ratang ho rua, ba wela melekong, le lerabeng, le ditakatsong tse ngata, tse sa utlwahaleng, tse senyang, tse tebisetsang batho timelong le tahlehong.
Hobane le rona kgale re ne re le dithoto, re le ba hanang ho utlwa, ba lahlehileng, ba buswang ke ditakatso le ke dikgahliso tse ngata, ba phelang lonyeng le mohonong, ba tshwanetseng ho hlouwa, ba hloyanang.
O lebelleng le le bana ba utlwang, ba sa yeng ka ditakatso tseo le neng le na le tsona pele mehleng ya ho se tsebe ha lona.
Mahlo a bona a tletse bofebe le sebe se sa phetseng, ba tjheha meya e dikadikang; ba na le dipelo tse hlalefetseng ho batla leruo; ke ba rohakilweng.
Hobane ka ho bolela ditaba tsa boikgantsho le tsa lefeela, ba tjhatjhehisa ka ditakatso tsa nama le ka bohlola batho ba sa tswa furalla ba itsamaelang leshanong;
Hobane tsohle tse lefatsheng, takatso ya nama, le takatso ya mahlo, le boikgantsho jwa bophelo, ha di tswe ho Ntate, empa di tswa lefatsheng.
Ke boela ke le ngolla taelo e ntjha, e leng nnete ho yena le ho lona; hobane lefifi le a feta, mme lesedi la nnete le se le hlahile.