Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Baefese 2:3 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Bao mehleng e fetileng re kileng ra tsamaya hara bona, re tsamaiswa ditakatsong tsa nama ya rona, re ntse re phethahatsa ditakatso tsa nama le tsa kelello ’me ka hlaho re ne re le bana ba khalefo, joalo ka ba bang.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Le rona bohle, pele, re ne re tsamaya le bona ditakatsong tsa nama ya rona, re ntse re etsa ho ratwang ke nama le ke mehopolo ya rona; mme ka ho hlaha ha rona re ne re le bana ba bohale, jwaloka ba bang.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Pele, le rona bohle, re ne re balellwa hara bona, re latela ditakatso tsa rona tsa botho, re phetha thato ya tsona le ya maikutlo a rona. Ho ya ka tlhaho, re ne re le batho ba lokelwang ke kgalefo ya Modimo, jwaloka ba bang bohle.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

3 bao mehleng e fetileng re kileng ra tsamaya hara bona, re tsamaiswa ditakatsong tsa nama ya rona, re ntse re phethahatsa ditakatso tsa nama le tsa kelello. ’me ka hlaho re ne re le bana ba khalefo, joalo ka ba bang.

Ver Capítulo Copiar




Baefese 2:3
54 Referencias Cruzadas  

Mme dipelaelo tsa lefatshe lena, le thetso ya maruo, le ditakatso tsa dintho tse ding, di kene, di pupetse lentswe, mme le be le sa beheng.


Ba tswetsweng, e seng ka madi, leha e le ka thato ya nama, leha e le ka thato ya monna, empa e le ka Modimo.


Lona le ba ntata lona Diabolose, mme le rata ho etsa ditakatso tsa ntata lona. E ne e le mmolai ho tloha tshimolohong, mme ha a a ka a ema nneteng, hobane nnete ha e yo ho yena. Ha a bua leshano, o ipuella tsa hae, hobane ke ya leshano, mme ke ntata wona.


Ke yena eo mehleng e fetileng a ileng a dumella ditjhaba tsohle ho tsamaya ka ditsela tsa tsona.


Ka baka leo, Modimo o ba neeletse ditakatsong tsa ditakatso tsa dipelo tsa bona ditshila, hore ba hlompholle mmele ya bona.


Hobane jwalokaha le ne le eso ho dumele Modimo mehleng e fetileng, empa jwale le hauhetswe ka ho se dumele ha bona.


Le mpe le apare Morena Jesu Kreste, mme le se ke la ipatlela nama ho phethahatsa ditakatso tsa yona.


Hobane ha baditjhaba ba se nang molao ba etsa ka tlhaho tsa Molao, bao, ba se nang molao, ke molao ho bona ka bobona.


Hobane ekare ha re ne re le dira, re boelane le Modimo ka lefu la Mora wa wona, haholo ha re se re boelantswe, re tla bolokeha ka bophelo ba hae haholo.


Ha ho le jwalo, kaha jwale re se re lokile ka madi a hae, re tla pholoswa haholo ka yena kgalefong.


Ka baka leo, sebe se se ke sa busa mmeleng ya lona e shwang, hore le tle le utlwe ditakatso tsa yona.


Hobane ke a tseba hoba ho nna, ke ho re, nameng ya ka, ha ho dule ntho e molemo; empa ho etsa se molemo ha ke ho fumane.


Ho ka ba jwang ha Modimo, ka ho rata ho bonahatsa kgalefo ya wona, le ho tsebahatsa matla a wona, o ile wa mamella ka mamello e kgolo dijana tsa kgalefo tse lokiseditsweng timelo?


Hobane ke mang ya o etsang hore o fapane le e mong? ’me u na le eng eo u sa kang ua e amohela? jwale, haele moo o e amohetse, o ithorisa jwang, jwalokaha eka ha o a e fuwa?


Baratuwa, kaha re na le ditshepiso tsena, a re itlhwekiseng ditshila tsohle tsa nama le tsa moya, re ntse re phethahatsa khalalelo ka ho tshaba Modimo.


Empa Lengolo le hlahletse tsohle ditlamong tsa sebe, e le hore pallo e tswang tumelong ya Jesu Kreste e tle e newe ba dumelang.


Ke tseo le neng le itsamaela ho tsona mehleng e fetileng, ka mokgwa wa lefatshe lena, ho ya ka morena wa matla a sebaka, moya o sebetsang jwale baneng ba ho se mamele.


hore le hlobole motho wa kgale ka tsa motsamao wa pele, o bodileng ka ditakatso tse thetsang;


Le lona, ba pele le neng le ikarotse, mme le le dira menahanong ya lona ka mesebetsi e mebe, jwale o le boelantse.


Bana beso, ha ke rate ha le hloka tsebo malebana le ba ithobaletseng, le tle le se ke la hlomoha jwaloka ba bang ba se nang tshepo.


Ka baka leo, a re se keng ra robala jwaloka ba bang; empa a re falimeheng, ’me re hlaphoheloe.


Empa ba ratang ho rua, ba wela molekong, le lerabeng, le ditakatsong tse ngata tsa bothoto, tse kotsi, tse tebelang batho timelong le tahlehong.


Hobane le rona re kile ra ba mawatla, re sa utlwe, re kgelohile, re sebeletsa ditakatso le menyaka ya mefutafuta, re phela bobeng le mona, re le ba hloilweng, re hloyane.


Le be bana ba mamelang, le se ke la ipapisa le ditakatso tsa lona tsa pele, tsa ho se tsebe ha lona.


Ba na le mahlo a tletseng bofebe, ba ke keng ba kgaotsa sebe; ba kgelosang meya e sa tsitsang: pelo e tlwaetseng ho chacheha ka mohono; bana ba rohakiloeng:


Hobane ha ba bolela dipolelo tsa boikgohomoso, ba hohela ka ditakatso tsa nama le ka bohlola, ba phonyohileng ho ba phelang ka ho kgeloha.


Hobane tsohle tse lefatsheng, takatso ya nama, le takatso ya mahlo, le boikgantsho jwa bophelo, ha di tswe ho Ntate, empa di tswa lefatsheng.


Hape, ke le ngolla taelo e ntjha, e leng nnete ho yena le ho lona, hobane lefifi le a feta, mme lesedi la nnete le se le ntse le kganya.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos