Hobane esitile re sa ntse re le dira, re bile ra boelanngwa le Modimo ka ho shwa ha Mora wa wona, haholo jwale, ha re se re boelantswe, re tla bolokeha hakakang ka ho phela ha hae!
Baefese 2:16 - Sesotho 1909/1961 (SO) mme a busetse hammoho ho Modimo ba bang le ba bang, e le mmele o le mong, ka sefapano sa hae, ha a bolaile hloyano ka sona. BIBELE E ne e le hore a tle a ba boelanye le Modimo, ba babedi a ba etse mmele o le mong ka sefapano, a fedise bora ka sona. Baasraak Sotho NT le hore a boelane le Modimo ka mmele o le mong ka sefapano, ka ho bolaya lehloyo ka sona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 le hore a boelane le Modimo ka mmele o le mong ka sefapano, ka ho bolaya lehloyo ka sona. |
Hobane esitile re sa ntse re le dira, re bile ra boelanngwa le Modimo ka ho shwa ha Mora wa wona, haholo jwale, ha re se re boelantswe, re tla bolokeha hakakang ka ho phela ha hae!
re ntse re tseba hobane motho wa rona wa kgale o thakgisitswe le yena, hore mmele wa sebe o tle o fediswe, re tle re se ke ra hlola re eba bahlanka ba sebe.
Hobane se neng se sita molao, ke ho fokodiswa ke nama, Modimo o se entse ha o romile Mora wa wona ka nama e tshwanang le ya baetsadibe, le ka baka la sebe, mme o tswile sebe nameng;
Kahobane thato ya nama ke bora ho Modimo; hobane ha e ipee tlasa molao wa Modimo, le ho sitwa e a sitwa.
Rona, bao re leng bangata, re mmele o le mong, kahoba bohobe bo le bong feela; hobane bohle re ja bohobe boo bo le bong.
Ke thakgisitswe le Kreste, mme ha e hlole e le nna ya phelang, empa e le Kreste ya phelang ka ho nna; mme jwale, ha ke sa ntse ke phela nameng, ke iphelela tumelong ho Mora Modimo, ya nthatileng, a ba a itella nna.
O fedisitse ka nameng ya hae sebaka sa hloyano, e leng molao wa ditaelo tse laelwang; hore ba babedi a ba fetole ka ho yena motho a le mong, e motjha, ka ho etsa kgotso;
e leng hore baditjhaba ke majalefa le Baiseraele, ke mmele o le mong le bona, ba na le kabelo hammoho pallong ho Jesu Kreste, ka Evangeli;
Mmele o mong, le Moya o mong, jwalokaha le bileditswe tebello e le nngwe ka ho bitswa ha lona.
o hlakotse lengolo la molato la melao e neng e re qosa, mme o le fedisitse ka ho le kgokgothella sefapanong.
Mme kgotso ya Modimo, eo le e biletswang ho ba mmele o le mong, e buse pelong tsa lona; hape le be le teboho.