Setjhaba sa mpa sa nna sa kgutsa, se se ke sa fetola letho, hobane taelo ya morena e be e itse: Le se ke la mo fetola.
Amose 5:13 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ka baka leo, mehleng ena ya bohlale o a ikgutsetsa, hobane ke mehla e mebe. BIBELE Mohlang oo ya bohlale o tla ikgutsetsa, hobane mehla e tla ba e le e mahlonoko. |
Setjhaba sa mpa sa nna sa kgutsa, se se ke sa fetola letho, hobane taelo ya morena e be e itse: Le se ke la mo fetola.
nako e teng ya ho hahola, e teng nako le ya ho roka; nako e teng ya ho kgutsa, e teng nako le ya ho bua;
Hobane motho ha a tsebe nako ya hae, jwalokaha a se tsejwe le ke dihlapi tse tshwaswang ke letlowa le di bolayang, le ke dinonyana tse pitlwang difing; bana ba batho ba ye ba tshwaswe jwaloka tsona nakong ya tlokotsi, ha e ba wela ka sehloho.
Empa ba kgutsa; ha ba ka ba mo fetola letho, hobane taelo ya morena e ne e itse: Le se ke la mo fetola.
Ba re ho yena: Esekiase o re: Letsatsi lena ke letsatsi la mahlomola, la ho lauwa, le la ho nyatsuwa; hobane bana ba loketse ho tswa popelong, empa matla a ho beleha ha a yo.
Ho se ke ha eba ya tsekang, ho se ke ha eba ya kgalemelang! hobane ba setjhaba sa hao ba jwaloka ba hanyetsang moprista.
Wa habo mofu o tla nka setopo sa hae le ya tlang ho se tjhesa, ho tle ho ntshwe ditopo tlung; mme o tla re ho ya dutseng motseo wa ntlo: Na o sa na le e mong le wena na? Eo o tla araba, a re: Tjhe, ha ho sa le motho. Ke moo a tla re: Thola! hobane ha ho na ho hopolwa lebitso la Jehova.
Ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Bonang, nna ke rerela moloko ona bobe boo le ke keng la ntsha melala ya lona ho bona, ha le sa tla hlola le tsamaya le sataletse, hobane nako ena ke e mpe.
Ke utlwile, mme mmele wa ka o a nyaroha; lentsweng leo, melomo ya ka e a otlana, ho bola ha kena masapong a ka, ke ntse ke thothomela, ha ke tshwanetse ho lebella, ke kgutsitse, letsatsi leo la tlokotsi leo setjhaba se tlang ho futuhelwa ke ya tla tla se lwantsha.
Ka baka leo, nkang dihlomo tsohle tsa Modimo, le tle le tsebe ho tiya ka tsatsi le lebe, le ho ema le setse le hlotse tsohle.