Ke lemohile, mme ke bone tlasa letsatsi hoba peisong ya lebelo ha a siye ba bang kamehla, ntwa hase ya diqhenqha kamehla, bohobe hase jwa ba bohlale kamehla, le leruo hase la ba kello kamehla, le ho ratwa hase ha batsebi kamehla, empa bohle ba hlahelwa ke nako le sebaka sa ntho tseo.
Moegepeta ke motho, e seng modimo; dipere tsa hae ke nama, e seng moya. Etlare ha Jehova a otlolla letsoho la hae, mothusi o tla kgoptjwa, le ya thuswang a we, ba fele kaofela hammoho.
Efela mosenyi o ya mo tlela, yena Babilona; bahale ba hae ba tla hapuwa; liqha tsa bona di robehile; hobane Jehova ke Modimo wa boiphetetso, o tla nne a putse ka tshwanelo.
Ka bona Morena a eme pela aletare, mme a re: Otla hloro ya ntlo, ho be ho sisinyehe le difate tsa monyako; o di robakanye hodima dihlooho tsa bona kaofela. Ba setseng, ke tla ba bolaya ka lerumo; ho ke ke ha eba le a mong ho bona ya ka balehang, leha a le mong a ke ke a ba teng ya ka phonyohang ho bona.
ke timeletse matla a mebuso ya ditjhaba, ke dihe makoloi le ba tsamayang ho wona; dipere le bapalami ba tsona ba tla wa e mong le e mong ka lerumo la wa habo.
Ba ntlo ya Juda ba tla ba jwaloka bahale ba hatakelang dira seretseng sa mmila ntweng; ba tla lwana, hobane Jehova o na le bona, mme ba kaletseng dipere ba tla swaba.