Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Moeklesia 9:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ke lemohile, mme ke bone tlasa letsatsi hoba peisong ya lebelo ha a siye ba bang kamehla, ntwa hase ya diqhenqha kamehla, bohobe hase jwa ba bohlale kamehla, le leruo hase la ba kello kamehla, le ho ratwa hase ha batsebi kamehla, empa bohle ba hlahelwa ke nako le sebaka sa ntho tseo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Ke bone ho hong hape mona lefatsheng: Ba lebelo hase bona ba siyang kamehla, dinatla hase tsona tse hlolang kamehla, ba bohlale hase bona ba tjhayang kamehla, ba masene hase bona ba ruang kamehla, bahlalefi ha ba dule tulo tse phahameng kamehla; menyetla e tlela bohle ka dinako tsa yona.

Ver Capítulo Copiar




Moeklesia 9:11
35 Referencias Cruzadas  

Yaba Absalome le Baiseraele bohle, ba re: Keletso ya Hushai Moarke e ntle haholo ho fetisa keletso ya Akitofele. Athe ke Jehova ya neng a laetse hore ho senngwe keletso e ntle ya Akitofele, e le hore Jehova a hlahisetse Absalome kotsi.


Jwale, Akitofele, ha a bona hore ha ho etswe ka keletso ya hae, a qhaneha esele ya hae, a tloha, a ya hae motseng wa habo; a hleka ntlo ya hae, a ikgama, a shwa, mme a epelwa lebitleng la ntatae.


A re: Mamelang, lona, Bajuda bohle, le lona, baahi ba Jerusalema, le wena, morena Josafate! Ho itswe ke Jehova: Se tshabeng, mme le se ke la tepeletswa ke sera se seholohadi seno, hobane ntwa hase ya lona, ke ya Modimo.


Ha o lokisa ditaba jwalo, ke mang ya tla nyatsa? Mme ha o ka pata sefahleho sa wona, ke mang ya ka o bonang? O busa ditjhaba le batho ka mokgwa o jwalo;


Bahale ba matla ba hlotswe, ba ithobaletse boroko ba bona; bahale ha ba ka ba tseba ho lwana ka matsoho a bona.


Ya bohlale a utlwe, mme o tla eketsa tsebo; ya hlalefileng le yena o tla ithuela masene,


Yaba ke furalla tseo ho nahana bohlale, le bowatla, le bothoto; hobane motho ya latelang morena a ka etsang, haese se entsweng ke yena?


Ke lemohile hobane tsohle tse entsweng ke Modimo di hloleha ka ho sa feleng; ha ho se ka eketswang ho tsona, ha ho le se ka kgaolwang; mme Modimo o sebetsa jwalo hore tshabo e be teng ho batho pela wona.


Ka ba ka re pelong ya ka: Modimo o tla ahlolela ya lokileng le e mobe, etswe merero yohle le mesebetsi yohle e beetswe nako ya yona.


Ka boela ka lemoha dihloriso tsohle tse etswang tlasa letsatsi, mme ka bona meokgo ya ba hloriswang, ho mpa ho se ya ba tshedisang. Ka nqa ho bahlorisi ba bona, ka bona bothata, ho mpa ho se monamoledi.


Ke bone hobane mokgathala wohle le mesebetsi yohle e metle ya batho e ntse e hlahisa mona le mohono. Hoo le hona ke lefeela, ke mosebetsi o nyopileng.


Tadima mosebetsi wa Modimo. Ke mang ya ka otlollang seo o se kobileng?


Tse tshwanang di ntse di hlahela bohle: kotsi e le nngwe e hlahela ya lokileng, le molotsana, le ya molemo, le ya hlwekileng, le ya ditshila, le ya hlabang sehlabelo, le ya sa hlabeng sehlabelo. Ya molemo o jwaloka moetsadibe; ya hlapaolang le yena o jwaloka ya tshabang hlapa.


Bobe bona bo ka ho tsohle tse etswang tlasa letsatsi, ke hoba kotsi e le nngwe e hlahela bohle; eba pelo tsa bana ba batho di tlala bobe, mme pelo tsa bona di tlala bowatla ho pheleng ha bona; kamora moo, ba ikela ho bafu.


Ya leng lebelo a se ke a baleha, le mohale a se ke a phonyoha; ka nqa leboya lebopong la noka ya Eufrate, ba thekesela, ba wela teng.


Le ka bolela jwang, la re: Re dinatla, re bahale ntweng?


Ho itswe ke Jehova: Ya leng bohlale a se ke a ithorisa bohlaleng ba hae, ya matla a se ke a ithorisa matleng a hae, mofumi a se ke a ithorisa lefumong la hae.


Baahi bohle ba lefatshe ba jwaloka lefeela pela hae, o etsa ka makgotla a lehodimo le ka baahi ba lefatshe kamoo a ratang kateng, ha ho e mong ya ka thibelang letsoho la hae, a re ho yena: O etsang na?


Yaba o mpolella, a re: Ke lentswe la Jehova ho Sorababele, le reng: Hase ka matla le ka borena, empa e le ka moya wa ka, ho bolela Jehova wa makgotla!


Le tla boela le bone, kamoo ho fapaneng ya lokileng le ya kgopo kateng, ya sebeletsang Modimo le ya sa o sebeletseng!


Hape, ke ka ho Kreste re entsweng lefa la wona, kamoo re neng re rerelwe hona pele kateng, ka morero wa ya sebetsang dintho tsohle ka phehello ya thato ya hae;


Iponele, o tle o se ke wa re ka pelong ya hao: Ke ruile dintho tseo ka matla a ka, ka matla a matsoho a ka.


O mpe o hopole Jehova, Modimo wa hao, hobane ke yena ya o neang matla a ho rua dintho tseo, hore a tiise selekane sa hae, seo a se anetseng bontatao, jwalokaha ho le jwalo le kajeno.


Davida a hlola Mofilesta jwalo ka letjeketjane le ka lejwe, a bolaya Mofilesta, a mo timetsa, ho se sabole letsohong la Davida.


Ha le bona hobane e ya Bethe-Shemeshe, ka tsela ya habo yona, etlaba ke yena ya re hlahiseditseng kotsi ena e kgolo; ha ho se jwalo, re tla tseba hobane hase letsoho la hae le re otlileng, empa e le taba e re hlahetseng feela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos