Jwale Abrahama a re ho mohlanka wa hae e moholo ka tlung ya hae, ya neng a laola tsohle tseo a nang le tsona: Ako bee hle seatla sa hao katlasa serope sa ka,
2 Samuele 9:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ho ne ho sa le teng mohlanka wa ntlo ya Saule, lebitso la hae e le Tsiba; a ya bitswa hore a tle ho Davida. Morena a re ho yena: A ke wena Tsiba na? Eo a re: Ke nna mohlanka wa hao! BIBELE Ho ne ho ena le mohlanka wa lelapa la Saule, ya neng a bitswa Siba. Ha a se a bitseditswe ho Davida, kgosi ya re ho yena: “Na ke wena Siba?” Yena a re: “Ke nna mohlanka wa hao, Siba.” |
Jwale Abrahama a re ho mohlanka wa hae e moholo ka tlung ya hae, ya neng a laola tsohle tseo a nang le tsona: Ako bee hle seatla sa hao katlasa serope sa ka,
Ntho tsohle tsa hae a di tlohela diatleng tsa Josefa, a se ke a hlola a botsa letho la hae haese bohobe boo a bo jang. Josefa o ne a na le sebopeho se setle, le tshobotsi e ntle.
O ne a na le sekete se seng sa banna ba Benjamine, hammoho le Tsiba, mohlanka wa ntlo ya Saule, le bara ba hae ba leshome le metso e mehlano, le bahlanka ba hae ba mashome a mabedi. Ba tla ba tshela Jordane, pontsheng ho morena.
Ba tshedisa le sekepana sa ho tshedisa ba ntlo ya morena, le ho etsa kahohle kamoo a ka ratang kateng. Haele Shimei, mora Gera, eitse hobane morena a tshele Jordane, a itihela fatshe pela morena,