2 Samuele 7:5 - Sesotho 1909/1961 (SO) Tsamaya, o bolelle mohlanka wa ka Davida, o re: Ho itswe ke Jehova: Na ke wena o reng, o ka nkgahela ntlo, ke tle ke dule ho yona na? BIBELE “Tsamaya o yo bolella mohlanka wa ka Davida, o re: ‘Morena o bua tjena: Na ke wena ya tla nkgahela ntlo eo ke tla dula ho yona? |
Morena a laela hore ho tliswe majwe a matonanahadi, le majwe a hlokwang, ho tle ho thewe ntlo ka majwe a betlilweng.
Haele bakeng sa ntlo eo o e hahang, ekare ha o tsamaya ka melao ya ka, o tiisa dikahlolo tsa ka, o boloka ditaelo tsa ka tsohle, o tsamaya ka tsona, ke tla o etsetsa ka pallo eo ke e boleletseng ntatao Davida.
Tsamaya, o bolelle mohlanka wa ka Davida, o re: Jehova o re: Hase wena o tla nkgahela ntlo eo ke tla dula ho yona.
Empa Modimo wa re ho nna: O ke ke wa hahela lebitso la ka ntlo, hobane o monna wa ntwa, o tsholotse madi.
Lehodimo ke terone ya ka, mme lefatshe ke bonamelo ba maoto a ka: ho rialo Jehova. E kae ntlo eo le ka nkgahelang yona? E kae nqalo eo nka phomolang ho yona?