Haele Jonathane, mora Saule, mora hae e mong o ne a le teng, ya holofetseng maoto; o ne a le dilemo tse hlano mohla ho fihlang pehi ya kamoo Saule le Jonathane ba shwetseng kateng, Jisreele. Mopepi wa hae o ne a mo nkile, a baleha le yena; ka baka la ho potlaka, ha a baleha, ngwana a wa, a ba a holofala maoto; bitso la hae e ne e le Mefiboshethe.
Haele banna ba Iseraele ba mose wane ho kgohlo, le ba mose wane ho Jordane, ha ba bona hobane banna ba Iseraele ba balehile, le hobane ho shwele Saule le bara ba hae, ba furalla metse, ba baleha, mme Bafilesta ba kena ho yona, ba dula teng.