Yaba Abnere o re ho Joabe: Bahlankana a ba ke ba eme, ba bapale pela rona. Joabe a re: Ba ka ema.
2 Samuele 2:16 - Sesotho 1909/1961 (SO) E mong le e mong a tshwara ka hlooho ya emeng maloka le yena, a mo hlaba ka sabole lehlakoreng, ba wa hammoho; ka baka leo, bitso la teng la rewa Helkathe-Hatsurime (tshimo ya disabole); e pela Gibeone. BIBELE Motho ka mong a menyana le wa hae, ba tshwarana ka dihlooho, ba hlabana ka disabole dikgopong, yaba ba wela fatshe kaofela, ba a shwa. Ke ka baka leo sebaka seo se Gibeone se ileng sa rewa lebitso la Lebala la Disabole. |
Yaba Abnere o re ho Joabe: Bahlankana a ba ke ba eme, ba bapale pela rona. Joabe a re: Ba ka ema.
Ebile ba ema, ba tswela kahare, ba le palo tse lekanang, ba Ishe-Boshethe, mora Saule, e le Babenjamine ba leshome le metso e mmedi; bahlanka ba Davida le bona ba le leshome le metso e mmedi.
Tsatsing lona leo, ha lwanwa ntwa e tshabehang haholo; mme Abnere le banna ba Iseraele ba qhalwa ke bahlanka ba Davida.
Ebile Abnere o howeletsa Joabe, a re: Na lerumo le tla nne le je ka ho sa feleng na? Na ha o tsebe hobane qetellong ho tla baba na? Ke neng o tla bolella batho ba hao hore ba lese ho phallela banababo bona?
Ba bolaya mong ka mong monna wa hae; Basiria ba baleha, Baiseraele ba ba ba ba phallela; Ben-Hadade yena, morena wa Siria, a baleha ka pere le bapalami ba bang.
Ke taba e tsebilweng ke bohle ba ahileng Jerusalema, tshimo eo ba bile ba e reile Hakeldama, ka puo ya bona, ke ho re: Tshimo ya madi.