O balehile ka sephiring ka baka lang, wa ikutswa ho nna, o sa ka wa mpolella na? Athe nka be ke o kgutlisitse ka thabo, le ka dipina, le ka meropa, le ka dithomo.
2 Samuele 19:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) setjhaba sa kgukgunela motseng tsatsing leo, ka mokgwa oo batho bao e kang ba dihlong ba kgukgunelang teng ha ba balehile ntweng. BIBELE Ka letsatsi leo bahlabani ba kena motseng ka lenyele, jwaloka bahlabani ba hlabilweng ke dihlong ha ba balehile ntweng. |
O balehile ka sephiring ka baka lang, wa ikutswa ho nna, o sa ka wa mpolella na? Athe nka be ke o kgutlisitse ka thabo, le ka dipina, le ka meropa, le ka dithomo.
Haele Davida, a ya fihla Mahanaime; Absalome yena, a tshela Jordane, a ena le batho bohle ba Iseraele.
Kahoo ho hlola ha tsatsi leo ha fetohela setjhaba sohle bofifi, hobane setjhaba se ne se utlwa tsatsing leo, ha ho thwe, morena o hlomohetse mora hae;
Barsillai e be e se e le motho e moholo, ya dilemo tse mashome a robileng meno e le mmedi; o ne a babaletse morena ka dijo, ha a sa le Mahanaime, etswe e be e le motho ya ruileng haholo.
Haele morena, o ne a ikgurumeditse sefahleho, a ntse a meketsa ka lentswe le leholo, a re: Mora ka Absalome! Absalome, mora ka! mora ka!