Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 19:32 - Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Barsillai e be e se e le motho e moholo, ya dilemo tse mashome a robileng meno e le mmedi; o ne a babaletse morena ka dijo, ha a sa le Mahanaime, etswe e be e le motho ya ruileng haholo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

32 Barasilai o ne a se a tsofetse haholo, a ena le dilemo tse mashome a robedi. Ha kgosi e ntse e le Mahanaime, Barasilai o ne a e fepa, hobane o ne a ruile haholo.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 19:32
14 Referencias Cruzadas  

Ditshiu tsa bophelo ba Abrahama tseo a phetseng ka tsona, ke tsena: ke dilemo tse lekgolo le mashome a supileng a metso e mehlano.


Jakobo a phela lefatsheng la Egepeta dilemo tse leshome le metso e supileng; ditshiu tsa dilemo tsa bophelo ba Jakobo ya eba dilemo tse lekgolo le mashome a mane a metso e supileng.


Ditshiu tsohle tsa Methusela ya eba dilemo tse makgolo a robileng mono o le mong a mashome a tsheletseng a metso e robileng mono o le mong; mme a shwa.


Yaba Josefa o a shwa, a na le dilemo tse lekgolo le nang le leshome, mme ba mo noka, ba mo kenya lekeseng Egepeta.


Dilemo tsohle tsa Nowe tsa eba makgolo a robileng mono o le mong a mashome a mahlano; mme a shwa.


Ebile morena o re ho Barsillai: A re ke re fetele pele le wena, ke tle ke o fepe le nna Jerusalema.


Menaheme a ntshisa Iseraele lekgetho la tjhelete tseo, a re, bohle ba ruileng ba ntshetse morena wa Assiria, motho ka mong a ntshe dishekele tse mashome a mahlano tsa silefera. Ebile moo morena wa Assiria a kgutlang, a se ke a dula lefatsheng la Iseraele.


Leruo la hae e ne e le dinku tse dikete tse supileng, le dikamele tse dikete tse tharo, le dikgomo tse lekanang dijoko tse makgolo a mahlano, le diesele tse tshehadi tse makgolo a mahlano, le bahlanka ba bangata; monna eo o ne a fetisa banna kaofela ba Botjhabela ka boholo.


Moriri o moputswa, ha o fumanwa tseleng ya ho loka, ke mokgabo wa hlompho.


Ya nkileng ditalenta tse pedi, a rua tse ding tse pedi le yena ka mokgwa o jwalo.


Mohla Moshe a shwang, o ne a le dilemo tse lekgolo le nang le mashome a mabedi; mahlo a hae a ne a eso ho fifale; mme matla a hae a ne a eso ho kokobele.


Moo Maone, ha bo ho le monna, eo mehlape ya hae e leng Karmele; e ne e le motho ya ruileng haholo, a ena le dikete tse hlano tsa dinku, le sekete se le seng sa dipodi; o ne a ile ho kuta dinku tsa hae Karmele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos