Morena a re ho Tsiba: Bona, tsohle tseo e leng tsa Mefiboshethe ke tsa hao. Tsiba a re: Ke a inama, ke re, a nke ke bone mohau ho morena, monga ka.
2 Samuele 16:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Morena a re: Mora monga hao o kae na? Tsiba a re ho morena: Bona, o setse Jerusalema ka ho re: Kajeno ntlo ya Iseraele e tla busetsa mmuso wa ntate ho nna. BIBELE Kgosi ya re: “Mora wa monga hao o kae?” Siba a re ho kgosi: “O dula Jerusalema, hobane o re: ‘Kajeno ntlo ya Iseraele e nkgutliseditse mmuso wa ntate.’ ” |
Morena a re ho Tsiba: Bona, tsohle tseo e leng tsa Mefiboshethe ke tsa hao. Tsiba a re: Ke a inama, ke re, a nke ke bone mohau ho morena, monga ka.
Ke tla fedisa ya etselletsang motswalle wa hae sephiring, nke ke ka mamella ya mahlo a leletseng, le ya pelo e makoko.
O suthiseditse hole le nna metswalle ya ka le dithaka tsa ka; tseo ke tsebanang le tsona ke nqalo tsa lefifi.
Se tshepeng molekane, se ithetseng ka motswalle; lebela menyako ya molomo wa hao pela ya robetseng sefubeng sa hao;
Ho madimabe bona, kahobane ba tsamaile ka tsela ya Kaine, mme ba kgelohile ke ho thetswa ke moputso jwaloka Balaame, mme ba timetse ka kganyetso e jwaloka ya Kore.