Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 16:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Morena a re ho Tsiba: O reng ka tseo? Tsiba a re: Diesele ke hore ba ntlo ya morena ba di palame; mahobe wona le mangata a difeiye e be dijo tsa bahlankana, veine yona e nowe ke ya kgathalang feelleng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Kgosi ya re ho Siba: “O tlilo etsang ka dintho tsee?” Siba a re: “Ditonki tsena di tla palangwa ke ba lelapa la kgosi; bohobe bona, le ditholwana tsena tse jewang hlabula, ke dijo tsa bahlankana, mme veine yona e tla nowa ke ba tla kgathala ha ba le lehwateteng.”

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 16:2
13 Referencias Cruzadas  

Yaba Abimeleke o re ho Abrahama: Dithole tsee tse supileng, tseo o di beileng kathoko, di reng na?


A re: O hopotseng ka mehlape eo yohle eo ke kgahlaneng le yona? A re: Ke hore ke fumane mohau mahlong a hao, morenaka.


Kamora tseo, Absalome a ipatlela koloi le dipere, le batho ba mashome a mahlano ba mathang ba mo eteletse pele.


Batho bohle ba lefatshe ba ne ba ntse ba bokolla, ha setjhaba sohle se ntse se ya pele; morena a ba a tshela molapo wa Kedrone, le setjhaba sohle sa tshela, se nkile tsela e yang feelleng.


le dinotshi, le sereledi, le dinku, le mafi; ba di tlisetsa Davida le setjhaba seo a nang le sona, e be dijo tsa bona, ba re: Setjhaba se lapile, se kgathetse, se nyorilwe ka baka la nahathothe.


A re: Morena, monga ka, mohlanka wa ka o nthetsitse; athe, ke le mohlanka wa hao, ke na be ke laetse hore ke qhanehelwe esele, ke tle ke e palame, ke ye le morena; o a tseba, mohlanka wa hao o holofetse maoto.


Etlere ha bana ba letjhaba le heno ba bua le wena, ba re: Na o ke ke wa re hlalosetsa seo o se tshwantshang ka ntho tseo na?


O ne a na le bara ba mashome a mararo, ba kallang diesele tse mashome a mararo; ba ne ba na le metse e mashome a mararo naheng ya Gileade, e reilweng lebitso la Havvoth-Jaire le kajeno.


lona ba palameng diesele tse tshweu lona ba dutseng maseleng a alwang; le lona ba tsamayang ka ditsela, binang!


Empa e mong wa setjhaba a bua, a re: Ntatao o hlapantshitse setjhaba ka ho re: Ho rohakwe motho ya jang dijo kajeno. Athe setjhaba se kgathetse.


Mpho ke ena eo lekgabunyane la hao le tlileng le yona ho monghadi; e ke e newe bahlankana ba tsamayang le monga ka.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos