Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 16:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Eitse hobane Davida a fete hloro ya thaba hanyenyane, ha fihla Tsiba, mohlanka wa Mefiboshethe, a tla kgahlanyetsa Davida, a tla le diesele tse pedi tse belesitseng makgolo a mabedi a mahobe, le lekgolo la dinkgwana tsa morara wa lengangajane, le lekgolo la mangata a difeiye, le lekuka la veine.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Ha Davida a se a fetafetile tlhoro ya thaba, a bona Siba, mohlanka wa Mefiboshete, a etla nqa ho yena, a kganna ditonki tse pedi, tse qhanehilweng. Di ne di bofile dinkgwa tsa bohobe tse makgolo a mabedi, le diphaphatha tse lekgolo tsa mangangajane a morara, le masihla a lekgolo a ditholwana tse jewang hlabula, le lekuka la veine.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 16:1
17 Referencias Cruzadas  

Jwale Davida a nyoloha moepeng wa thaba ya Mehlwaare, a hlwa a ntse a lla, hlooho ya hae e kgurumeditswe, a tsamaya, a rotse le dieta, le setjhaba sohle se ho yena se ikgurumeditse dihlooho, se ehlwa se ntse se lla.


Davida eitse ha a fihla hlorong ya thaba moo Modimo o sebeletswang teng, Hushai Moarke a tla mo kgahlanyetsa, a hahotse kobo ya hae, a le dithole hloohong.


O ne a na le sekete se seng sa banna ba Benjamine, hammoho le Tsiba, mohlanka wa ntlo ya Saule, le bara ba hae ba leshome le metso e mehlano, le bahlanka ba hae ba mashome a mabedi. Ba tla ba tshela Jordane, pontsheng ho morena.


Barsillai e be e se e le motho e moholo, ya dilemo tse mashome a robileng meno e le mmedi; o ne a babaletse morena ka dijo, ha a sa le Mahanaime, etswe e be e le motho ya ruileng haholo.


Esita le ba neng ba le haufi, jwaloka Baissaskare, le Basabulone, le Banefthali, ba tlisa dijo, ba di belesitse diesele, le dikamele, le dimulete, le dipholo, e le mahobe, le diphofo, le dinkgwa tsa difeiye tse omeletseng le tsa merara e omeletseng, le veine, le ole, le dikgomo le dinku tse ngata; hobane ho ne ho thabilwe ke Baiseraele.


Mpho ya motho e mo etsetsa sebaka, e mo atametsa pela ba baholo.


Haele nna, bonang, ke ya aha Mitspe ho ema pela Bakalde ba tlang ho rona; mme lona, le bokelle veine le ditholwana le ole, le di bee dipitseng tsa lona; mme le ahe metseng eo le leng ho yona.


Yaba Bajuda kaofela ba kgutla dinqalong tsohle tseo ba neng ba qhalanyeditswe ho tsona, ba kgutlela lefatsheng la Juda, ho Gedalia, Mitspe, ba bokella veine le ditholwana tse ngatangata.


Ke ena pono eo Morena Jehova a neng a ntlhahisetse yona. Ka bona seroto se tletseng ditholwana tse butswitseng.


Jo nna! ke jwaloka serapa, ha ho kotutswe ditholwana tsa sona, jwaloka tshimo ya merara e kgwahlapiswang, ha e kotutswe: ha ho sa le lesihla la morara le ka jewang, leha e le selopotsiya sa feiye se lakatswang ke moya wa ka!


Ha o tloha teng o eya pele, o tla fihla eikeng ya Thabore; teng o tla kgahlanyetswa ke banna ba bararo, ba yang ho Modimo Bethele; e mong o isa potsanyane tse tharo, e mong o jere polokwe tse tharo tsa bohobe, e mong o jere lekuka la veine.


Jese a nka esele ya ho belesa bohobe le lekuka la veine le potsanyane, a di romela ho Saule ka mora hae Davida.


Ha ho le jwalo, Abigaile a phakisa a nka makgolo a mabedi a dipolokwe, le makuka a mabedi a veine, le nku tse hlano tse seng di lokisitswe, le ditekanyo tse hlano tsa diqhome, le lekgolo le le leng la merara, le makgolo a mabedi a dinkgwa tsa difeiye, a di belesa dieseleng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos