Yaba Hanune o tshwara bahlanka ba Davida, a ba beola ditedu ka nqa e nngwe, a seha le diaparo tsa bona kalehare ho isa lethekeng, a ba a ba kgutlisa ba le jwalo.
2 Samuele 10:5 - Sesotho 1909/1961 (SO) Eitse hobane ba tsebise Davida, a romela ho ba kgahlanyetsa, hobane banna bao ba ne ba le dihlong haholo; mme morena a re: Dulang Jeriko, ditedu tsa lona di be di mele, le ntoo boya. BIBELE Hoba Davida a bolellwe taba ena, a re ba yo kgahlanyetswa, hobane bao ba ne ba hlabilwe ke dihlong haholo. Yaba kgosi Davida o re ho bona: “Dulang moo Jeriko ho fihlela ditedu tsa lona di hlomela, ebe jwale le a kgutla.” |
Yaba Hanune o tshwara bahlanka ba Davida, a ba beola ditedu ka nqa e nngwe, a seha le diaparo tsa bona kalehare ho isa lethekeng, a ba a ba kgutlisa ba le jwalo.
Bana ba Ammone ba bona hobane ba ikentse ba nkgang hampe ho Davida; yaba bana ba Ammone ba romela ho mema Basiria ba Bethe-Rehobe, le Basiria ba Tsoba, e le batho ba mashome a mabedi a dikete ba maoto, ba morena wa Maaka e le ba sekete se le seng, le ba Tobe e le ba dikete tse leshome le metso e mmedi.
Mehleng ya hae, Hiele wa Bethele a haha Jeriko; a o thea ka ho senyehelwa ke Abirame, mora hae e moholo, a tiisa dikgoro tsa wona ka ho senyehelwa ke Segube, mora hae e monyenyane, ha eba jwalokaha Jehova a ne a boletse ka Joshua, mora Nune.
Davida a behelwa se entsweng ho banna ba hae; yaba o romela ho ba kgahlanyetsa, hobane banna bao ba ne ba le dihlong haholo; mme morena a re: Dulang Jeriko, ditedu tsa lona di be di mele, le ntoo boya.
Motse wa Jeriko o ne o kwetswe, o haheleditswe ke ho tshaba bana ba Iseraele; ho ne ho se motho ya tswang, leha e le ya kenang.