Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 10:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Bana ba Ammone ba bona hobane ba ikentse ba nkgang hampe ho Davida; yaba bana ba Ammone ba romela ho mema Basiria ba Bethe-Rehobe, le Basiria ba Tsoba, e le batho ba mashome a mabedi a dikete ba maoto, ba morena wa Maaka e le ba sekete se le seng, le ba Tobe e le ba dikete tse leshome le metso e mmedi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Ha Baamone ba bona hore ba kgopisitse Davida, ba ya hira Baarame ba ahileng Bete-Rehobe, le ba ahileng Soba. E ne e le banna ba ditaaso ba dikete tse mashome a mabedi. Kgosi ya Maaka yona e ne e ena le banna ba sekete, ha banna ba Tobe bona ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 10:6
24 Referencias Cruzadas  

Yaba Jakobo o re ho Simeone le ho Levi: Le ntsieditse ka ho nketsa sebodu ho baahi ba naha, ho Bakanana le ho Bafarese, kanthe batho ba ka ha ba bakae, mme jwale ba tla mpokanela, ba mpolaye, mme ke tla timetswa nna le ntlo ya ka.


Eitse hobane ba tsebise Davida, a romela ho ba kgahlanyetsa, hobane banna bao ba ne ba le dihlong haholo; mme morena a re: Dulang Jeriko, ditedu tsa lona di be di mele, le ntoo boya.


Davida ha a utlwa, a roma Joabe le sera sohle sa banna ba ntwa.


Akitofele a re ho Absalome: Kena ho direthe tsa ntatao, tseo a di siileng hore di lebele ntlo; etlare Baiseraele bohle ha ba utlwa hobane o ikentse ya nkgang ho ntatao, matsoho a bohle ba tlileng ho wena a tla tiiswa.


le Elifelethe, mora Akasbai, mora Momaakathe; le Eliame, mora Akitofele, wa Gilo;


e leng Basiria, le Bamoabe, le bana ba Ammone, le Bafilesta, le Baamaleke, ka tse hapilweng tsa Hadadesere, mora Rehobe, morena wa Tsoba.


Davida a hlola le Hadadesere, mora Rehobe, morena wa Tsoba, ya neng a re, o tla boela a hape naha e leng ya hae nokeng ya Eufrate.


Basiria ba Damaseka ba ne ba tlile ho tlatsa Hadadesere, morena wa Tsoba; Davida a bolaya Basiria ba kete tse mashome a mabedi a metso e mmedi.


A ya, a ipokellela banna, a ipea monga letshwele; ke mohla Davida a hlotseng Basiria. Ba ntoo ya Damaseka, ba dula teng, ba busa Damaseka.


Hobane Morena o ne a utlwisitse makgotla a Siria modumo wa makoloi, le modumo wa dipere, le modumo wa bahlabani ba bangata, ba ba ba bolellana, ba re: Bonang, morena wa Iseraele o re memetse marena a Bahethe le marena a Baegepeta.


Hobane bonang, marena a ne a bokane ho futhuhela motse hammoho.


ba re ho bona: Jehova a le tadime, mme a re ahlolele, haele mona le re entse sebodu mahlong a Faro le mahlong a bahlanka ba hae, mme le ba neile lerumo la ho re bolaya.


O se ke wa phaka wa ya nyeweng, esere mohlomong qetellong wa kena tsietsing, ha o se o hlotswe ke wa heno.


ba tla ho Gedalia, Mitspe, e le Ishmaele, mora Nethania, le Johanane, le Jonathane, bara ba Karea, le Seraia, mora Thanhumethe, le bara ba Efai, wa Nethofa, le Jesania, mora Momaakate, ba ena le batho ba bona.


Le wona masole a hae a hirilweng a jwaloka marole a nontshitsweng, hobane le wona a reteleha, a baleha hammoho, ha a eme, tsatsi la wona la bofelo le a a tlela, tsatsi la kgalemelo ya wona.


Jaire, mora Manasse, a nka naha yohle ya Argobe ho isa moeding wa Bageshure le wa Bamaakathe, mme a reella metse ya Bashane lebitso la hae; e ntse e le Havvoth-Jaire le kajeno.


Yaba Jafeta o baleha ke ho tshaba banababo, a ya aha naheng ya Tobe; banna ba lefeela ba phuthehela ho yena, mme ba nna ba futuha le yena.


Bana ba Ammone ba re ba sa futuhetse Baiseraele, baholo ba Gileade ba ya lata Jafeta naheng ya Tobe.


Ha ho a ka ha eba motho ya namolelang motse, hobane o ne o le hole le Sidone, hape batho ba teng ba ne ba se na taba le ba bang. Motse oo o ne o le kgohlong e Bethe-Rehobe. Ba boela ba tsosa motse, ba aha teng.


Baiseraele bohle, ha ba utlwa hobane Saule o qhadile ba qhobosheaneng ya Bafilesta, le hobane Baiseraele kaofela ba fetohile ntho e nkgang hampe ho Bafilesta, setjhaba sa memelwa ho Saule, Gilgale.


Akishe yena a tshepa Davida, a re: Ruri, o ikentse ya nkgang hampe ho setjhaba sa habo sa Baiseraele; e tla nne e be mohlanka wa ka kamehla.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos