Leha o ka tsamaya boikokobetsong, o tla ikopela matla a ho itsosa. O boloka motho ya ikokobetsang;
2 Bakorinthe 4:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) re a hloriswa, empa ha re lahlwe; re dihelwa fatshe, empa ha re timele; BIBELE re a hloriswa, empa ha re furallwe ke bohle; re ratlanngwa fatshe, empa ha re shwe. Baasraak Sotho NT Re a hloriswa, empa ha re a furallwa; re liheloa fatše, empa ha re timetsoe; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Re a hloriswa, empa ha re a furallwa; re liheloa fatše, empa ha re timetsoe; |
Leha o ka tsamaya boikokobetsong, o tla ikopela matla a ho itsosa. O boloka motho ya ikokobetsang;
— Israele a ke a rialo! — esale le botjheng ba ka, ba ntubile haholo; empa ha ba ka ba ntlhola.
Modimo wa ka, Modimo wa ka, o ntahletseng? O emelang thoko, o tle o se ke wa mpoloka, o se ke wa nkutlwa ha ke howeletsa?
Hobane Jehova o rata ho loka, mme ha a tlohele bakgethwa ba hae; ba bolokwa kamehla; empa lesika la ba babe le tla fediswa.
Moya wa ka, o hlorelang, o nyarohetseng kahare ho nna? O itshepele Modimo; ke sa tla o roka, ke Mmoloki wa ka le Modimo wa ka.
Moya wa ka, o hlorelang, o nyarohetseng kahare ho nna? O itshepele Modimo; ke sa tla o roka; sefahleho sa wona ke poloko.
Ba tsebang lebitso la hao ba itshepisa ka wena; hobane wena, Jehova, ha o tlohele ba o batlang.
Hobane ya lokileng, leha a ka wa hasupa, o tla boela a tsohe; empa baetsadibe ha ba kgoptjwa, ba wela kotsing.
Ha o tshela hara metsi, ke tla ba le wena; ha o tshela dinoka, di ke ke tsa o nka: leha o feta hara mollo, o ke ke wa tjha, le malakabe a ke ke a o tlabola.
Ha o sa tla hlola o bitswa Motlohelwa, naha ya hao e ke ke ya nna ya bitswa Nahathothe; empa o tla bitswa Moratuwa, lefatshe la hao le bitswe Monyaduwa, hobane Jehova o thaba ka wena, mme lefatshe la hao le tla bona monyadi.
O se ke wa thaba ka kotsi ya ka, wena o leng sera ho nna, hobane leha ke wele, ke tla boela ke eme; leha ke dutse lefifing, Jehova ho nna ke lesedi.
Hobane feiye e ke ke ya palesa, mme merara e ke ke ya beha letho; se tshepilweng mohlwaareng se tla ba siyo, masimo a ke ke a hlahisa dijo; manku a tla hlokeha masakeng, ditaleng ha ho sa tla ba le makgomo.
Hopolang lentswe leo ke le boleletseng lona, ha ke ne ke re: Mohlanka ha a moholo ho morena wa hae. Ha ba ntlhorisitse, ba tla le hlorisa le lona; ha ba bolokile lentswe la ka, ba tla boloka le la lona.
Ke mang ya tla re arohanya le lerato la Kreste na? Na a ke botubo, kapa tsietsi, kapa hloriso, kapa tlala, kapa bofuma, kapa timelo, kapa lerumo,
Ketso tsa lona di hloke takatso ya ho rua; le kgolwe ke tseo le nang le tsona; hobane Modimo ka sebele o itse: Nke ke ka o tlohela, nke ke ka o lahla.