La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




1 Samuele 8:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Jwale, mamela mantswe a bona; leha ho le jwalo, o ba nyatse, o ba tsebise mokgwa wa morena ya tla busa hodima bona.

Ver Capítulo

BIBELE

Ka baka leo, mamela tseo se di buang. Empa o se eletse o se o tiile, e sa le pele, o se bolelle mokgwa oo kgosi e tla se busa ka wona.”

Ver Capítulo



1 Samuele 8:9
10 Referencias Cruzadas  

Hobane nkile ka omela bontata lona, mohla ke ba nyollang lefatsheng la Egepeta ho fihlela tsatsi lena, ke ntse ke tsoha e sa le hosasasasa, ka omela, ka re: Mamelang lentswe la ka.


Ha nka re ho molotsana: Kannete o tla shwa! ... ha o sa mo tshose, o sa bue ho tshosa molotsana, hore a kgelohe tsela ya hae e kgopo, o tle o mo pholose, molotsana eo o tla shwa ka bokgopo ba hae, empa madi a hae ke tla a batla letsohong la hao.


Morena a se ke a nka letho mafeng a setjhaba, ka ho ba leleka ho tseo ba di ruileng. O tla nka tseo a di ruileng ho etsa lefa la bara ba hae, hore bo se ke ha eba motho setjhabeng sa ka ya lelekwang ho tseo a di ruileng.


Samuele a tsebisa setjhaba mekgwa ya borena, a e ngola bukeng, a e bea pela Jehova. Ebile Samuele o kgutlisa setjhaba kaofela, a re: E mong le e mong a ye ha hae.


Ebile Samuele o re ho Baiseraele bohle: Le ka bona hobane ke mametse mantswe a lona kahohle kamoo le mpoleletseng kateng, ka ba ka le beela morena.


Ntwa e kgolo ya nna ya eba teng ya Saule le Bafilesta ka tshiu tsohle tsa hae. Mme Saule, enere ha a bona monna ya matla, leha e le monna ya bohale, o ne a inkela yena.


Mokgwa wa baprista bao ho setjhaba e be e le hore, motho ha a hlaba sehlabelo, mohlankana wa moprista o ne a ya tle, ha nama e ntse e apehilwe, a tshwere fereko e meno a mararo.


E ntse e le ho etsa ka tsohle tseo ba di entseng, haesale ke ba ntsha Egepeta, ho tlisa tsatsing lena, ho mphuralla, le ho sebeletsa medimo esele; le wena ba o etsa jwalo.