Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 2:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Mokgwa wa baprista bao ho setjhaba e be e le hore, motho ha a hlaba sehlabelo, mohlankana wa moprista o ne a ya tle, ha nama e ntse e apehilwe, a tshwere fereko e meno a mararo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 kapa moetlo o laolang tshebedisano ya baprista le setjhaba. Ha motho ofe kapa ofe a nyehela ka sehlabelo, mohlanka wa moprista o ne a ye a tle a nkile fereko e meno a mararo, ha nama e ntse e phehilwe.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 2:13
5 Referencias Cruzadas  

A re ho nna: Ke ena nqalo moo baprista ba tla pheha nama ya mahlabelo a molato le a sebe; ba tla pheha dinyehelo, ba se ke ba di isa kantle lebaleng le kantle, hore ba se ke ba halaletsa setjhaba ka tsona.


O ne a hlaba paneng, kapa pitseng, kapa pitsaneng, kapa morifing, mme hohle ho neng ho ntshwa ke fereko, moprista o ne a inkela hona. Ba ne ba etsa jwalo ho Baiseraele bohle ba tlang Silo.


Eli yena o ne a se a hodile haholo; o ne a ntse a utlwa tsohle tse etswang ke bara ba hae ho Baiseraele bohle, le kamoo ba neng ba robala le basadi kateng, ba phuthehang pela monyako wa tente ya pokano.


Le hatakeletseng ka maoto mahlabelo a ka le diabelo tsa ka, tseo ke di laetseng tlung ya ka? O hlomphile bara ba hao ho fetisa nna, le tle le inontshe ka tse kgolo tsa dineo tsohle, tseo setjhaba sa ka sa Iseraele se ananelang ka tsona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos