Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 2:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 O ne a hlaba paneng, kapa pitseng, kapa pitsaneng, kapa morifing, mme hohle ho neng ho ntshwa ke fereko, moprista o ne a inkela hona. Ba ne ba etsa jwalo ho Baiseraele bohle ba tlang Silo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Mohlanka eo a hlabe ka yona ka paneng, kapa ka ketleleng, kapa ka sejaneng, kapa ka pitseng. Nama yohle eo fereko e tlang e e hlabile e ne e ye e nkwe ke moprista. Ba ne ba ye ba etse jwalo ho Baiseraele bohle ba neng ba etla moo Shilo.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 2:14
9 Referencias Cruzadas  

Dintja tseo di meharo, ha di kgore; ke badisa ba se nang kelello, e mong le e mong o ya ka tsela ya hae, o latela tseo e leng tsa hae, ho qala ka wa pele ho isa ho wa ho qetella.


Hobane mahlabelong a teboho a bana ba Iseraele, ke nka sefuba se tlang ho tsokotswa, le letsoho le tlang ho hlahiswa ka kemiso, mme ke di nea moprista Aarone le bara ba hae ka taelo ya kamehla, e tlang ho bolokwa ke bana ba Iseraele.


Ba ja nama ya ba setjhaba sa ka, ba buha letlalo la bona, ba be ba pshatle masapo a bona, ba a kgaole dikoto, jwaloka eka ba a nokela pitseng, ba kgabele le nama ya bona jwaloka hoja ba ya e kenya hara pitsa e kgolo.


Ke mang hara lona ya tla kwala menyako, hore le se hlole le hotetsa mollo wa aletare ya ka ka lefeela? Ha ke kgahlwe ke lona, ho bolela Jehova wa makgotla, nke ke ka amohela sehlabelo se hlahiswang ke matsoho a lona.


Mokgwa wa baprista bao ho setjhaba e be e le hore, motho ha a hlaba sehlabelo, mohlankana wa moprista o ne a ya tle, ha nama e ntse e apehilwe, a tshwere fereko e meno a mararo.


Hape, mohlankana wa moprista o ne a etla, ba eso ho tjhese mafura, a re ho motho ya hlabileng: Ntsha nama ya ho besetswa moprista, hobane a ke ke a amohela ho wena nama e apehilweng, haese e tala feela.


Le hatakeletseng ka maoto mahlabelo a ka le diabelo tsa ka, tseo ke di laetseng tlung ya ka? O hlomphile bara ba hao ho fetisa nna, le tle le inontshe ka tse kgolo tsa dineo tsohle, tseo setjhaba sa ka sa Iseraele se ananelang ka tsona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos