Hobane ba ntahlile, ba ile ho sebeletsa Ashtarothe, modimo wa Basidone, le Kemoshe, modimo wa Bamoabe, le Milkome, modimo wa bana ba Ammone; ha ba ka ba tsamaya tseleng tsa ka, le ho etsa tse lokileng mahlong a ka, le ho ya ka ditaelo tsa ka le ka melao ya ka, jwaloka ntatae Davida.
ha ba ka sokolohela ho wena ka pelo yohle le ka moya wohle, ba le naheng ya dira tse ba isitseng kgolehong, mme ba o rapela ba tadimile nqa lefatsheng la habo leo o neng o le neile bontata bona, le nqa motseng ona oo o o kgethileng, le tlung ena eo ke e hahetseng lebitso la hao;
Le aletare e Bethele le nqalo e phahameng e neng e entswe ke Jeroboame, mora Nebathe, ya sebisitseng Iseraele, ke re, aletare eo le nqalo e phahameng ya teng, a di qhaqha, a tjhesa nqalo e phahameng, a e tula ya eba lerole; a ntoo tjhesa le ashera ya teng.
Baassiria ba ke ke ba re pholosa; dipere re ke ke ra di palama, mme mosebetsi wa matsoho a rona ha re sa tla o bitsa modimo wa rona, hobane ke ho wena kgutsana e bonang mohau.
Wena Efraime, ke na le taba efe le ditshwantsho? Ke nna ke mo utlwang, ke mo lebelang; nna, ke jwaloka sefate sa kiprese se setala, tholwana ya hao e fumanwa ho nna.
Ebile Samuele o bua le bohle ba ntlo ya Iseraele, a re: Ha le sokolohela ho Jehova ka dipelo tsohle tsa lona, le ke le tlose medimo esele, le Diashtarothe hara lona; le hlekele Jehova dipelo tsa lona, mme le sebeletse yena a nnotshi, etlaba hona a le namolelang matsohong a Bafilesta.