La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




1 Samuele 3:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Ka baka leo, Eli a re ho Samuele: Eya, o robale; etlere ha o bitswa, o re: Bua Jehova, mohlanka wa hao o mametse. Yaba Samuele o a ya, a robala sebakeng sa hae.

Ver Capítulo

BIBELE

Ka baka leo, Eli a re ho Samuele: “Tsamaya o yo robala. Haeba a ka o bitsa hape, o tle o re: ‘Bua Morena, hobane mohlanka wa hao o mametse.’ ” Samuele a tsamaya, a fihla a robala moo a neng a ntse a robetse teng.

Ver Capítulo



1 Samuele 3:9
9 Referencias Cruzadas  

Ke tla mamela se bolelwang ke Modimo Jehova; hobane o re, kgotso e be ho setjhaba sa wona, le ho bakgethwa ba hae, ba mpe ba se ke ba kgutlela bohlanyeng!


Ruri, poloko ya wona e haufi le ba o tshabang, kganya e tle e ahe naheng ya rona.


Ba re ho Moshe: Wena, bua le rona, mme re tla mamela, Modimo o mpe o se ke wa bua le rona, ra tshoha re eshwa.


Ka ntoo utlwa lentswe la Morena, le re: Ke tla roma mang? Ho tla ya mang bakeng sa rona? Mme ka re: Ke nna enwa, roma nna!


a re: Se tshabe, monna ya ratwang! Kgotso e be ho wena! Tiya pelo, tiya matla! A re a sa bua le nna, ka utlwa hobane ke filwe matla, ka re: Morena ka a ke a bue, etswe o mphile matla.


A re ka tshoho le ka thothomelo: Morena, o rata hore ke etse eng na? Morena a re ho yena: Tsoha, o kene motseng, mme o tla bolellwa teng seo o tshwanetseng ho se etsa.


Eo a re: Tjhe, empa ke tlile jwale, ke le molaodi wa makgotla a Jehova. Yaba Joshua o wela fatshe ka sefahleho, a inama, a re ho yena: Morena ka o reng ho mohlanka wa hae?


Jwale Jehova a tla, a ema, a bitsa jwaloka hapele: Samuele! Samuele! Samuele a re: Bua, hobane mohlanka wa hao o mametse.


Jehova a boela a bitsa Samuele la boraro. Samuele a tsoha, a tla ho Eli, a re: Ke nna enwa, hobane o mpitsitse. Moo Eli a lemoha hoba ke Jehova ya bitsang mohlankana.