La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




1 Samuele 3:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Jehova a boela a bitsa: Samuele! Samuele a tsoha, a tla ho Eli, a re: Ke nna enwa, hobane o mpitsitse. Eli a re: Ha ke a o bitsa, ngwana ka; kgutla, o robale.

Ver Capítulo

BIBELE

Morena a boela a bitsa Samuele. Samuele a ema, a ya ho Eli, a re: “Ke nna enwa; o mpitsitse!” Eli a araba, a re: “Ha ke a o bitsa, ngwanaka; tsamaya o yo robala hape.”

Ver Capítulo



1 Samuele 3:6
6 Referencias Cruzadas  

Yaba o lelatsa mahlo a hae, a bona Benjamine, moenae, ngwana mmae, a re: A ke yena eo ngwanabo lona e monyenyane, eo le mpoleletseng yena? A re: Modimo o o rekolohele, mora wa ka!


Akimaatse, mora Tsadoke, a boela a re ho Joabe: Leha ho ka ba jwang le jwang, a nke ke mathe le nna kamora Kushi. Joabe a re: O pheheletseng ho matha, mora ka, athe taba eo o e isang hase e ka o fumantshang teboho?


Yaba o tlisetswa motho ya omeletseng ditho, a rapaletse diphateng; Jesu ha a bona tumelo ya bona, a re ho ya omeletseng ditho: Beta pelo, ngwana ka, dibe tsa hao o di tshwaretswe.


Ebile o titimela ho Eli, a re: Ke nna enwa, hobane o mpitsitse. Eli a re: Ha ke a o bitsa, kgutla, o robale. Mme a ya, a robala.


Haele Samuele, o ne a eso ho tsebe Jehova, le lentswe la Jehova o ne a eso ho senolelwe lona.


Ebile monna eo o re ho Eli: ke tswa ntweng, ke tswa baleha sereng kajeno. Yena a re: Taba ho hlahile efe, ngwana ka?