1 Samuele 3:16 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa Eli a bitsa Samuele, a re: Samuele, ngwana ka! Samuele a araba, a re: Ke nna enwa. BIBELE Yaba Eli o botsa Samuele, o re: “Samuele, ngwanaka!” Samuele a re: “Ke nna enwa.” |
Yaba Iseraele o re ho Josefa: Ha ke re, banabeno ba alositse Sikeme? Tloo, ke o romele ho bona. A re ho yena: Ke nna enwa.
Ebile Boase o re ho Ruthe: O a utlwa, moradi wa ka, o se ke wa ya thonaka tshimong e nngwe, leha e le ho ya hosele; o sale mona le barwetsana ba ka;
Bonang jwale, morena eo ke yena motsamaisi wa lona, hobane nna ke hodile, ke hlooho e putswa, mme bara ba ka ke bao, le na le bona; haele nna, ke nnile ka le tsamaisa ke sa le motjha, ho fihlela tsatsi lena.
Samuele a robala, ya ba ya eba hosasa; a ntoo bula mamati a ntlo ya Jehova; Samuele a mpa a tshaba ho tsebisa Eli pono ya hae.
Eli a re: Taba ke efe eo a o boleletseng yona? O se ke wa mpatela. Modimo o o etse ka hore le ka hore, ha o ka mpatela taba e nngwe ya tsohle tseo o o boleletseng tsona.