Ha babusi ba bona ba dihetswe dilomong, ke moo ba tlang ho utlwa ditaba tsa ka, hobane di molemo.
1 Samuele 24:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ha a ntse a tsamaya, a fihla metebong ya dinku, moo lehaha le leng teng. Saule a kena teng ho apesa maoto a hae, athe Davida le banna ba hae ba ne ba le harehare ho lehaha. BIBELE Yaba Saule o fihla masakeng a dinku, a pela tsela, moo ho neng ho ena le lehaha teng; a kena ka lehaheng leo ho ya ithoma. Davida le banna ba hae ba ne ba keneletse kgotjheletsaneng ya lehaha. |
Ha babusi ba bona ba dihetswe dilomong, ke moo ba tlang ho utlwa ditaba tsa ka, hobane di molemo.
Eitse hobane a tswe, bahlanka ba Eglone ba tla, ba tadima, ba bona mamati a ntlo e kahodimo a kwetswe ka senotlolo; ba re: Ekaba o ikgurumeditse maoto tlung ya hae ya lehlabula.
Saule a ikgethela kete tse tharo tsa Baiseraele; kete tse pedi tsa dula ho Saule, Mikmashe, le thabeng ya Bethele, se seng sa dula ho Jonathane, Gibea wa Benjamine; haele ba setseng ba setjhaba, a ba kgutlisetsa e mong le e mong tenteng ya hae.
Ebile Saule o tloha, a theohela lefeelleng la Sife, a ena le kete tse tharo tsa ba kgethilweng ba Iseraele, e le hore a yo batla Davida lefeelleng la Sife.
Saule a emisa leralleng la Hakila, le mabapa le lefeella, pela tsela. Davida yena o ne a dutse feelleng a bona hobane Saule o tlile ho mo batla feelleng.