1 Samuele 22:5 - Sesotho 1909/1961 (SO) Moporofeta Gade a re ho Davida: O se ke wa dula seqhobong: tsamaya, o ye fatsheng la Juda. Davida a tsamaya kahoo, a tla morung wa Herethe. BIBELE Moporofeta Gade a re ho Davida: “O se ke wa dula mona qhobosheaneng; tloha, o ye naheng ya Juda.” Yaba Davida o a tloha, o ya morung wa Herete. |
Davida, ha a tsoha hosasa, lentswe la Jehova la tlela moporofeta Gade, seboni sa Davida,
Mohlang oo, Davida o ne a le seqhobong, mme sehlopha sa Bafilesta se ne se le teng Bethlehema.
Haele ditaba tsa morena Davida, tsa ho qala le tsa ho qetella, bonang, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa Samuele seboni, le bukeng ya ditaba tsa Nathane moporofeta, le bukeng ya ditaba tsa Gade seboni,
Yaba o emisa Balevi ka tlung ya Jehova ba tshwere disimbala le diviole le diharepa, kamoo ho neng ho laetse Davida le Gade seboni sa morena le Nathane moporofeta; hobane taelo eo e ne e tswile ho Jehova ka baporofeta ba hae.
Kahoo, a ba tlisa pela morena wa Moabe, ba ahella ho yena ka tshiu tsohle tseo Davida a di dutseng seqhobong.