Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 22:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Saule a utlwa hobane Davida o utlwahetse le banna bao a nang le bona; ke ha Saule a le Gibea, tlasa sefate sa tamariske, leralleng, a tshwere lerumo la hae, bahlanka bohle ba hae ba eme pela hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Saule a utlwela hore Davida le banna ba tsamayang le yena ba fumanwe. Saule o ne a le Gibea, a dutse leralleng, tlasa sefate sa tamarisika. Letsohong o ne a tshwere lerumo. Bahlanka ba hae bohle ba ne ba eme, ba mo potapotile.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 22:6
7 Referencias Cruzadas  

Abrahama a hloma difate Beerseba, mme a rapela teng lebitso la Jehova, Modimo wa kamehla yohle.


O ne a dula tlasa sefate sa palema sa Debora, mahareng a Rama le Bethele, thabeng ya Efraime. Bana ba Iseraele ba ne ba nyolohela ho yena ho ya ahlolelwa teng.


Haele Saule, o ne a ntse a dutse pheletsong ya Gibea, tlasa sefate sa garanata, se leng Migrone, setjhaba se dutseng ho yena e batla e le batho ba makgolo a tsheletseng.


Hosasane, moya o mobe o tswang ho Modimo wa tshwara Saule; a bua ka bohlanya a le ka tlung, mme Davida a letsa ka letsoho la hae, jwaloka mehla, Saule a tshwere lerumo letsohong la hae.


Moya o mobe o tswang ho Jehova wa tlela Saule, a le hae ka tlung, a tshwere lerumo, Davida yena a ntse a letsa ka letsoho la hae.


Ebile Saule o mmetsa ka lerumo ho mo hlaba. Jonathane a tseba kahoo hobane ntatae o rerile ruri ho bolaya Davida.


Ba nka masapo a bona, ba a epela tlasa sefate sa tamariske Jabeshe, ba ba ba itima dijo ka matsatsi a supileng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos