Jehova a etela Sara kamoo a neng a boletse kateng, mme Jehova a etsetsa Sara kamoo a neng a mmaletse kateng.
1 Samuele 2:21 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ka baka lena, Jehova a etela Anna; mme Anna a emola, a tswala bashemane ba bararo le basetsana ba babedi; haele mohlankanyana Samuele, o ne a ntse a hola pela Jehova. BIBELE Ruri Morena a hopola Anna, a emola, a beleha bara ba bararo le baradi ba babedi. Moshanyana Samuele yena a holela kapele ho Morena. |
Jehova a etela Sara kamoo a neng a boletse kateng, mme Jehova a etsetsa Sara kamoo a neng a mmaletse kateng.
Ho bokwe Morena, Modimo wa Iseraele, hobane o etetse setjhaba sa hae, mme o se lopolotse.
Haele ngwana, a nna a hola, a ipha matla moyeng; a nna a dula mafeelleng, ha ba ha fihla letsatsi leo a hlahileng pela Iseraele ka lona.
Haele ngwana a nna a hola, a ipha matla, a tlala bohlale; mme molemo wa Modimo wa nna wa dula ho yena.
Mosadi eo a tswala moshanyana, mme a mo rea lebitso la Samsone; ngwana a nna a hola, mme Jehova a nna a mo hlohonolofatsa.
Haele Samuele, o ne a ntse a hola, mme Jehova a ba le yena, a se ke a lahlela fatshe letho la taba tsohle tseo a di boletseng.