Ha ya le Absalome makgolo a mabedi a ba memilweng ba Jerusalema, ba ya ba sa etse mano, ba sa tsebe letho.
1 Samuele 16:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) O biletse Jese sehlabelong, mme ke tla o tsebisa seo o tla se etsa, mme o tla ntlotsetsa eo ke tla o laela yena. BIBELE Ebe o bitsetsa Jese sehlabelong sena, mme ke tla o tsebisa seo o tla se etsa. O tla ntlotsetsa eo ke tla o bolella yena.” |
Ha ya le Absalome makgolo a mabedi a ba memilweng ba Jerusalema, ba ya ba sa etse mano, ba sa tsebe letho.
a tlotswe teng ke moprista Tsadoke le moporofeta Nathane, e be morena wa Iseraele; le letse terompeta, le re: Ha ho phele morena Salomone!
Baholo bohle ba Iseraele ba tla jwalo ho morena, Hebrone; Davida a hlaba selekane le bona Hebrone, pela Jehova; mme ba tlotsa Davida, ho mo etsa morena wa Iseraele, ka polelo eo Jehova a neng a e boletse ka Samuele.
O tle o bue le yena, o kenye ditaba molomong wa hae, mme nna ke tla ba le molomo wa hao, ke be le molomo wa hae, mme ke tla le ruta seo le tla se etsa.
A re ka tshoho le ka thothomelo: Morena, o rata hore ke etse eng na? Morena a re ho yena: Tsoha, o kene motseng, mme o tla bolellwa teng seo o tshwanetseng ho se etsa.
Hosasane, ha ho le jwalo, ke tla o romela monna ya tswang naheng ya Benjamine; o ke o mo tlotse, e be mong a setjhaba sa ka sa Iseraele; o tla namolela setjhaba sa ka matsohong a Bafilesta, etswe ke hopotse setjhaba sa ka, kahobane dillo tsa sona di fihlile ho nna.