Moshe a re ho Modimo: A nna ke mang, nka yang ho Faro, ka ntsha bana ba Iseraele Egepeta?
1 Samuele 16:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Samuele a re: Nka ya jwang? Saule ha a ka utlwa, o tla mpolaya. Jehova a re: Eya le sethole, o tle o re, o tlile ho hlabela Jehova. BIBELE Samuele a re: “Ke tla ya jwang? Haeba Saule a ka utlwela taba ena o tla mpolaya!” Morena a re: “O tle o nke sethole, o re: ‘Ke tlile ho etsetsa Morena sehlabelo.’ |
Moshe a re ho Modimo: A nna ke mang, nka yang ho Faro, ka ntsha bana ba Iseraele Egepeta?
Bonang, ke le roma le le jwaloka dinku hara diphiri; ka baka leo, le be bohlale jwaloka dinoha, mme le be ba se nang mano jwaloka maebanakgorwana.
O biletse Jese sehlabelong, mme ke tla o tsebisa seo o tla se etsa, mme o tla ntlotsetsa eo ke tla o laela yena.
a re: Ntumelle hle, hobane baheso ba na le sehlabelo hae; ngwaneso o ntaeditse; ha ekaba ke bone mohau ho wena, o ntumelle, ke tle ke etele banabeso; ke ka baka leo a sa kang a tla tafoleng ya morena.
Ba ba fetola, ba re: Se teng; bona, ke sona seo, se pela hao; phakisa hle, hobane kajeno se tlile motseng, hobane kajeno ho hlabelwa setjhaba nqalong e phahameng.