1 Samuele 20:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)29 a re: Ntumelle hle, hobane baheso ba na le sehlabelo hae; ngwaneso o ntaeditse; ha ekaba ke bone mohau ho wena, o ntumelle, ke tle ke etele banabeso; ke ka baka leo a sa kang a tla tafoleng ya morena. Ver CapítuloBIBELE29 a re: ‘Ke a o rapela: Ako ntumelle ke tsamaye, hobane lelapa leso le tla etsa sehlabelo motseng, heso, mme moholwane o ntaetse hore ke be teng. Jwale haeba o fela o nthata, ke a o rapela: Ntumelle ke tsamaye, ke yo bona bana beso.’ Ke ka lebaka lena Davida a sa tlang dijong tsa kgosi.” Ver Capítulo |