Teng, Davida a hahela Jehova aletare, a mo etsetsa ditjheso le mahlabelo a teboho. Yaba Jehova o hauhela naha, mme lefu la tloha Iseraeleng.
1 Samuele 13:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jwale, Saule a re: Ntlisetseng setjheso le mahlabelo a teboho. Ebile o etsetsa Jehova setjheso. BIBELE Ka baka leo, Saule a re: “Ntlisetseng nyehelo ya setjheso le nyehelo ya teboho.” Saule a etsa nyehelo ya setjheso. |
Teng, Davida a hahela Jehova aletare, a mo etsetsa ditjheso le mahlabelo a teboho. Yaba Jehova o hauhela naha, mme lefu la tloha Iseraeleng.
Morena a ya le Gibeone, ho hlabela teng, hobane e be e le yona nqalo e phahameng e kgolo; Salomone a hlaba ditjheso tse sekete aletareng ya teng.
O lebelle Jehova o ikgutseditse, o itshepise ka yena. O se ke wa hlora ka baka la ya atlehang tseleng ya hae, ka baka la motho ya leseho bolotsaneng ba hae.
Sehlabelo sa e mobe ke manyala ho Jehova; empa o kgahlwa ke thapelo ya motho ya lokileng.
Sehlabelo sa ba babe se manyala; haholo hakakang ha ba se hlahisa ka morero o sa lokang!
Ya hlabang kgomo, ho nna ho jwaloka ya bolayang motho; ya etsang sehlabelo ka nku, o jwaloka ya fenethileng ntja; ya hlahisang setjheso, o jwaloka ya hlahisang madi a kolobe; ya tjhesang dibano, o jwaloka ya bokang medimo ya bohata. Erekaha ba ikgethetse ditsela tsa bona, mme meya ya bona e ithatetse manyala a bona,
Le mpe le batle bodulo ba hae nqalong eo Jehova, Modimo wa lona, a tla e kgetha hara meloko ya lona yohle ho bea lebitso la hae teng, mme o ye teng.
Le tla isa teng ditjheso le mahlabelo a lona, le karolo ya leshome ya dintho tsa lona, le dikabelo tse ntshwang ke matsoho a lona, le mahlabelo a dikano tsa lona, le dinyehelo tsa lona tsa boithatelo, le matsibolo a dikgomo le a dinku tsa lona.
Saule a re ho Akia: Atametsa areka ya Modimo. Hobane areka ya Modimo e ne e le teng hara bana ba Iseraele mohlang oo.