Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Marena 3:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Morena a ya le Gibeone, ho hlabela teng, hobane e be e le yona nqalo e phahameng e kgolo; Salomone a hlaba ditjheso tse sekete aletareng ya teng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Kgosi ya ya Gibeone ho ya etsetsa mahlabelo teng, hobane sebaka seo e ne e le sa borapedi se tumileng. Solomone a etsetsa dinyehelo tsa setjheso tse sekete hodima aletare e hona teng.

Ver Capítulo Copiar




1 Marena 3:4
18 Referencias Cruzadas  

ba tlisa areka ya Jehova le tente ya pokano; le mesebetsi yohle e halalelang e ka tenteng ya tliswa ke baprista le Balevi.


Salomone a hlaba sehlabelo sa teboho, seo a se hlabelang Jehova, sa dikgomo tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mmedi, le dinku tse dikete tse lekgolo le nang le mashome a mabedi. Morena le bana bohle ba Iseraele ba kgethela Jehova ntlo jwalo.


Jehova a iponahatsa ho Salomone la bobedi, jwalokaha a ne a kile a iponahatsa ho yena Gibeone.


Hape, a bea moprista Tsadoke, le baprista ba mofuta wa habo, pela tabernakele ya Jehova, nqalong e phahameng e leng Gibeone,


Motsotsong oo, tabernakele ya Jehova, e na beng e entswe ke Moshe nahathothe, le aletare ya ditjheso, di ne di le nqalong e phahameng ya Gibeone;


Salomone a bua le Baiseraele bohle, le balaodi ba dikete le ba makgolo le baahlodi, le babusisi le mahosana a Baiseraele bohle, le dihlooho tsa matlo a bontata bona.


Salomone, yena le phutheho yohle, ba ya nqalong e phahameng e Gibeone, moo tente ya pokano ya Modimo e neng e le teng, e neng e entswe ke Moshe, mohlanka wa Jehova, nahathothe.


Hobane Esekiase, morena wa Juda, o ne a ntsheditse phutheho dipoho tse sekete le dinku tse dikete tse supileng; mahosana a ne a ntsheditse phutheho dipoho tse sekete le dinku tse dikete tse leshome; mme baprista ba bangata ba ne ba ikgalaleditse.


Morena Salomone a hlaba sehlabelo sa dikgomo tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mmedi le sa dinku tse dikete tse lekgolo le nang le mashome a mabedi. Morena le setjhaba kaofela ba kgethela Modimo ntlo jwalo.


Lebanone a ke ke a lekana le mollo, le diphoofolo tsa hae di ke ke tsa lekana le ditjheso.


Selemong sona seo, tshimolohong ya puso ya Tsedekia, morena wa Juda, selemong sa bone, ka kgwedi ya bohlano, Hanania, mora Assure, moporofeta wa Gibeone, a mpolella ditaba pontsheng ya baprista le ya setjhaba kaofela ka tlung ya Jehova, a re:


a tshoha haholo, hobane Gibeone e be e le motse o moholo, o kang o mong wa metse ya moreneng, le hobane o ne o feta Ai ka boholo, le banna bohle ba teng e ne e le dinatla.


Metse ya leloko la Benjamine ka matlo a bona ke Jeriko, Bethe-Hogla, Emeke-Ketsitse,


Empa ba ahileng Gibeone, ha ba utlwa kamoo Joshua a entseng ka Jeriko le Ai kateng,


Jwale, Saule a re: Ntlisetseng setjheso le mahlabelo a teboho. Ebile o etsetsa Jehova setjheso.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos