La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




1 Samuele 11:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Saule ha a ba bala Beseke, bana ba Iseraele ya eba dikete tse makgolo a mararo, banna ba Juda bona e le dikete tse mashome a mararo.

Ver Capítulo

BIBELE

Saule a ba bala ha ba le Beseke; bana ba Israele ba etsa dikete tse makgolo a mararo, mme banna ba Juda ba etsa dikete tse mashome a mararo.

Ver Capítulo



1 Samuele 11:8
8 Referencias Cruzadas  

Yaba Joabe o nea morena palo ya bongata ba setjhaba; ho ne ho le Iseraeleng kete tse makgolo a robileng meno e le mmedi tsa banna ba ntwa ba tsomolang sabole, banna ba Juda bona e le ba dikete tse makgolo a mahlano.


Mohlang oo, morena Jorame a tswa Samaria, a bala Baiseraele bohle.


Baholo ba setjhaba kaofela, e leng ba meloko yohle ya Iseraele, ba itlhahisa phuthehong ya setjhaba sa Modimo, ya eba batho ba kete tse makgolo a mane a ba maoto, ba pshemolang sabole.


Ba re ho manqosa a tlileng: E reng ho batho ba Jabeshe-Gileade: Hosasane, motshehare o moholo, le tla namolelwa. Yaba manqosa a ya, a tsebisa banna ba Jabeshe; mme bona ba thaba.


Yaba Samuele o a ema, a tloha Gilgale, a ya Gibea wa Benjamine. Saule yena a bala setjhaba se fumanweng se sa setse ho yena, ya batla e eba batho ba makgolo a tsheletseng.


Ebile Saule o mema setjhaba, mme a se bala Thelaime, ya eba kete tse makgolo a mabedi a ba maoto, Bajuda e le kete tse leshome.