La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




1 Samuele 10:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Eitse ha a fihla Gibea, a bona sehlopha sa baporofeta se mo kgahlanyetsa; yaba moya wa Modimo o a mo tshwara, a porofeta hara bona.

Ver Capítulo

BIBELE

Ha ba fihla leralleng, ba bona sehlopha sa baporofeta se etla ho yena. Moya wa Morena wa theohela hodima Saule ka matla, mme le yena a porofeta a le hara bona.

Ver Capítulo



1 Samuele 10:10
7 Referencias Cruzadas  

Eitse ha a fihla Lehi, Bafilesta ba duduetsa, ha ba tla mo kgahlanyetsa. Yaba moya wa Jehova o mo tlela ka matla, mehala e tlamileng matsoho a hae ya ba ya fetoha ntho e kang lene e tjheleng, mme ditlamo tsa hae tsa lokoloha matsohong a hae.


Moya wa Jehova wa eba ho yena; a ahlolela Iseraele, a lwana; mme Jehova a neela Kushane-Risheathaime, morena wa Mesopotamia, matsohong a hae. Letsoho la hae la hlola Kushane-Risheathaime.


Yaba moya wa Modimo o tshwara Saule, ha a utlwa taba tseo, a halefa haholo;


Yaba Samuele o nka lenaka la ole, a mo tlotsa hara banababo, mme moya wa Jehova wa tshwara Davida, ho qala tsatsing lona leo. Samuele a ntoo tloha, a ikela Rama.


Ke tla ipatlela moprista wa nnete, ya tla etsa kahohle kamoo ho ratang pelo ya ka le moya wa ka kateng; ke tla mo hahela ntlo e tiileng, mme o tla nne a itsamaele pela motlotsuwa wa ka, ka ho sa feleng.