1 Samuele 1:5 - Sesotho 1909/1961 (SO) empa o ne a nea Anna seabo sa batho ba babedi, hobane o ne a rata Anna, leha Jehova a ne a mmeile nyopa. BIBELE Empa Anna yena o ne a ye a mo fe diabo tse pedi, hobane o ne a mo rata, le hoja Morena a ne a mo timme thari. |
Sarai, mohatsa Abrame, o ne a sa mo tswalle bana, empa o ne a na le lekgabunyane le tswang Egepeta, le bitswang Agare.
Hobane Jehova o ne a hlile a nyopisitse dipopelo tsohle tsa ba ntlo ya Abimeleke ka baka la Sara, mohatsa Abrahama.
Eitse ha Ragele a bona hoba ha a tswalle Jakobo bana, Ragele a honohela moholwane wa hae, a re ho Jakobo: Nnee bana; ho seng jwalo, ke a shwa.
Yaba Jakobo o halefela Ragele, a re: A ke eme bakeng sa Modimo o o hanetseng le ho beleha na?
A ba abela dijo tse pela hae, mme kabelo ya Benjamine ya fetisa dikabelo tsa bona kaofela hahlano. Mme ba enwa, ba thaba le yena.
A ba nea bohle dikobo, e mong le e mong, tseo ba di aparang tsa mokete, empa a nea Benjamine ditjhelete tse makgolo a mararo, le dikobo tse hlano tsa ho apara ka mokete.
Ekare ha motho a ena le basadi ba babedi, e mong e le ya ratwang, e mong e le ya hloilweng, mme ya ratwang le ya sa ratweng ba mo tswaletse bana, mme mora wa letsibolo e le mora wa mosadi ya hloilweng;