Dibopuwa tseo kaofela di lebeletse wena, hore o di fe dijo tsa tsona ka nako e tshwanetseng.
1 Bakorinthe 9:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane ho ngodilwe molaong wa Moshe, ho thwe: O se ke wa thiba molomo wa kgomo, ha e pola. Hleka le re, Modimo ha o rialo, ke ho hlokomela dikgomo na? BIBELE Molaong wa Moshe ho ngotswe, ho thwe: “E polang ha e tlangwe molomo.” Na Modimo o tsotella dikgomo feela? Baasraak Sotho NT Hobane ho ngodilwe molaong wa Moshe, ho thwe: O se ke wa tlama kgomo molomo ha e fola. A Modimo o hlokomela dikgomo na? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane ho ngodilwe molaong wa Moshe, ho thwe: O se ke wa tlama kgomo molomo ha e fola. A Modimo o hlokomela dikgomo na? |
Dibopuwa tseo kaofela di lebeletse wena, hore o di fe dijo tsa tsona ka nako e tshwanetseng.
Motho ya lokileng o baballa ho phela ha kgomo ya hae, empa mehauhelo ya e mobe e bohloko.
Koro e ye e polwe, empa motho a ke ke a nna a e pola kamehla; leha a e hata ka maoto a koloi ya hae, mme pere tsa hae di e hata, ha e a tule.
Mme nna, o re, ke se ke ka qenehela Ninive, motse oo o moholo, o nang le batho ba fetang lekgolo le nang le mashome a mabedi a dikete, ba sa tsebeng ho kgetha letsoho le letona la bona ho le letshehadi, hape o nang le dikgomo tse ngata!
empa letsatsi la bosupa ke phomolo ya Jehova, Modimo wa hao; o se ke wa etsa mosebetsi le o mong ka lona, leha e le wena, leha e le mora wa hao, kapa morali wa hao, leha e le mohlanka wa hao e motona, kapa e motshehadi, leha e le kgomo ya hao, leha e le esele ya hao, leha e le phoofolo e nngwe ya hao, leha e le moeti wa hao ya menyakong ya hao; hore mohlanka wa hao e motona le e motshehadi ba phomole jwaloka wena.
Hobane Lengolo le re: O se ke wa thiba molomo wa kgomo ha e pola. Hape le re: Ya sebetsang o tshwanelwa ke moputso wa hae.